Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
February
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Sontaha, la 25 February

Ba entse ka mokhoa o senyang. Hase bana ba hae, sekoli ke sa bona.—Deut. 32:5.

Kaha Adama le Eva ba ne ba se ba sa phethahala, ba ne ba ke ke ba hlola ba bontša makhabane a Jehova ka tsela e phethahetseng. Adama ha aa lahleheloa ke bokamoso bo botle feela empa o ile a boela a fetisetsa ho se phethahale, sebe le lefu ho bana ba hae. (Bar. 5:12) O ile a etsa hore litloholo tsa hae li se ke tsa e-ba le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Ho feta moo, Adama le Eva ba ne ba ke ke ba hlola ba e-ba le bana ba phethahetseng ’me le bana ba bona ba ne ba ke ke ba e-ba le bana ba phethahetseng. Ka mor’a hore Satane Diabolose a khelose Adama le Eva, o ile a tsoela pele ho khelosa batho ho fihlela mehleng ena. (Joh. 8:44) Leha ho le joalo, Molimo o ile a tsoela pele a rata batho. Ho sa tsotellehe bofetoheli ba Adama le Eva, Jehova o batla hore batho ba be le kamano e ntle le eena. Ha a lakatse hore leha e le mang a shoe. (2 Pet. 3:9) Le hoja melao ea Molimo e sa ka ea fetoha, hang feela ka mor’a bofetoheli boo, o ile a etsa litokisetso tsa hore batho ba boele ba be le kamano e ntle le eena.—Joh. 3:16. w17.02 1:12-14

La 19-25 February
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | February

La 19-25 February

MATHEU 16–17

  • Pina ea 57 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “U Nahana Menahano ea Mang?”: (10 mets.)

    • Mat 16:21, 22—Petrose o ile a lumella ho ikhauhela ho tlola hore ho susumetse monahano oa hae (w07 2/15 16 ¶17)

    • Mat 16:23—Petrose o ne a sa nahane lintho ka tsela eo Molimo a li nahanang ka eona (w15 5/15 7-8 ¶16-17)

    • Mat 16:24—Bakreste ba lokela ho lumella hore tsela eo Molimo a nahanang ka eona e laole tsela eo ba phelang ka eona (w06 4/1 23 ¶9)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat 16:18—Lefika leo Jesu a neng a tla haha phutheho ea Bokreste ho lona ke mang? (nwtsty litlhaloso)

    • Mat 16:19—“Linotlolo tsa ’Muso oa maholimo” tseo Jesu a ileng a li fa Petrose ke eng? (nwtsty litlhaloso)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 16:1-20

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ho tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.

  • Leeto la ho Boela: (3 mets. kapa ho tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

  • Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 94

  • “Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Tšebeletsong—Ho Sebelisa Lipotso ka Katleho”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Etsa Mosebetsi oo Jesu a o Entseng—Ruta (tlas’a LIBOKA LE TŠEBELETSO EA RONA).

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 4 ¶12-21 le lebokose le leqepheng la 42

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 88 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | December

BEKE EA LA 19-25 FEBRUARY, 2018

23 Bacha—“Le ’ne le Sebeletse Poloko ea Lōna”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela