Laboraro, la 14 March
U inyenyefatse ha u tsamaea le Molimo oa hao.—Mik. 6:8.
Boikokobetso bo lokela ho re thusa ho lemoha hore Jehova o hloekile ebile o oa halalela le hore re itšetlehile ka eena ka ho feletseng hore a re tataise. Bo boetse bo re thusa ho hlompha maikutlo a ba bang. Ka hona, ha re phela ka tsela e lumellanang le melao ea Molimo e phahameng ea boitšoaro re bile re hlompha batho ba bang, re bontša hore re “tsamaea le Molimo” ka boikokobetso. Tsela eo re aparang ka eona e lokela ho bontša ka ho hlaka hore re barapeli ba Jehova. Bara le barali babo rona le bona ba lokela ho lemoha hore rea tšoaneleha ho emela Molimo oa rona ea lokileng. O re file melao e phahameng ea boitšoaro, ’me re leka ho phela ka eona. Rea le babatsa lona bara le barali babo rona, bao ka ponahalo le ka boitšoaro ba lona bo botle le khahlang batho hoo ba batlang ho mamela molaetsa oa Bibele, ’me ka tsela eo le thabisa Jehova ebile lea mo tlotlisa. w16.09 3:18-20
La 12-18 March
MATHEU 22–23
Pina ea 91 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Mamela Litaelo Tse Peli Tse Kholo”: (10 mets.)
Mat 22:36-38—Ke joang litemana tsee li hlalosang se boleloang ke ho mamela taelo e kholo le ea pele Molaong? “pelo,” “moea,” “kelello”, litlhaloso tsa (Mat 22:37 nwtsty)
Mat 22:39—Taelo ea bobeli e kholo ke efe molaong? “Ea bobeli,” “moahelani” litlhaloso tsa (Mat 22:39 nwtsty)
Mat 22:40—Mangolo oohle a Seheberu a bua ka lerato. “molao oohle . . . le Baprofeta,” “ho itšetlehile” litlhaloso tsa (Mat 22:40 nwtsty)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat 22:21—“Lintho tsa Cesare” ke life hona “lintho tsa Molimo” ke life? “Cesare lintho tsa Cesare,” “Molimo lintho tsa Molimo” litlhaloso tsa(Mat 22:21 nwtsty)
Mat 23:24—Mantsoe aa a Jesu a bolelang? “ba sefang monoang empa ba koenya kamele” litlhaloso tsa (Mat 23:24 nwtsty)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 22: 1-22
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele la ho Boela: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sheba leq. la pele.
Video e Bontšang Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala video ’me le bue ka eona.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 186-187 Ser 7-8—Mo khothaletse hore a meme batho bao a ba tsebang hore ba tle Sehopotsong.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
‘Ho Rata Molimo le Moahelani—Kamoo re ka ho Etsang ka Teng’: (15 mets.) Puisano. E le ho bontša bohlokoa ba ho bona ka mahlo a kelello liketsahalo tse tlalehiloeng ka Bibeleng, bapala tšoantšiso ea Bibele e nang le sehlooho se reng Jehova ke Molimo a le Mong Feela oa ’Nete—Bamameli ba lokela ho tsamaisana le ’malo oo joalokaha o qotsitsoe ho 1 Marena 18:17-46.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 5 ¶1-6 le lebokose le leqepheng la 52 le la 55
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 7 le Thapelo