Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
March
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labone, la 15 March

U loanne le Molimo le batho hoo qetellong u hlōtseng.—Gen. 32:28.

Jakobo o ile a ikitlaetsa, ’me a bontša hore ha aa ikemisetsa ho tela! (Gen. 32:24-26) Mamello ea hae e ile ea feela ea putsoa. O ile a rehoa lebitso le loketseng la Iseraele, (le bolelang “Ea Loantšanang le [Ea Phehellang] Molimo,” kapa “Molimo o oa Loana”). Jehova o ile a amohela Jakobo a ba a mo hlohonolofatsa, e leng seo le rōna re se labalabelang. Mosali oa Jakobo ea bitsoang Ragele le eena o ne a labalabela ho bona hore na Jehova o tla phethahatsa tšepiso eo a e etselitseng monna oa hae joang. Empa o ne a se na bana. Mehleng ea hae, ho se be le bana e ne e le sekhobo. Ke’ng e ileng ea thusa Ragele hore a se ke a nyahama le hoja a ne a le boemong boo a sa khoneng ho bo fetola? Ha aa ka a tela. Ho e-na le hoo, o ile a tsoela pele ho rapela ka tieo. Jehova o ile a utloa lithapelo tsa Ragele, ’me a mo hlohonolofatsa ka bana.—Gen. 30:8, 20-24. w16.09 2:6, 7

La 12-18 March
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | March

La 12-18 March

MATHEU 22–23

  • Pina ea 91 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Mamela Litaelo Tse Peli Tse Kholo”: (10 mets.)

    • Mat 22:36-38—Ke joang litemana tsee li hlalosang se boleloang ke ho mamela taelo e kholo le ea pele Molaong? “pelo,” “moea,” “kelello”, litlhaloso tsa (Mat 22:37 nwtsty)

    • Mat 22:39—Taelo ea bobeli e kholo ke efe molaong? “Ea bobeli,” “moahelani” litlhaloso tsa (Mat 22:39 nwtsty)

    • Mat 22:40—Mangolo oohle a Seheberu a bua ka lerato. “molao oohle . . . le Baprofeta,” “ho itšetlehile” litlhaloso tsa (Mat 22:40 nwtsty)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat 22:21—“Lintho tsa Cesare” ke life hona “lintho tsa Molimo” ke life? “Cesare lintho tsa Cesare,” “Molimo lintho tsa Molimo” litlhaloso tsa(Mat 22:21 nwtsty)

    • Mat 23:24—Mantsoe aa a Jesu a bolelang? “ba sefang monoang empa ba koenya kamele” litlhaloso tsa (Mat 23:24 nwtsty)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 22: 1-22

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele la ho Boela: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sheba leq. la pele.

  • Video e Bontšang Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala video ’me le bue ka eona.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 186-187 Ser 7-8—Mo khothaletse hore a meme batho bao a ba tsebang hore ba tle Sehopotsong.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 114

  • ‘Ho Rata Molimo le Moahelani—Kamoo re ka ho Etsang ka Teng’: (15 mets.) Puisano. E le ho bontša bohlokoa ba ho bona ka mahlo a kelello liketsahalo tse tlalehiloeng ka Bibeleng, bapala tšoantšiso ea Bibele e nang le sehlooho se reng Jehova ke Molimo a le Mong Feela oa ’Nete—Bamameli ba lokela ho tsamaisana le ’malo oo joalokaha o qotsitsoe ho 1 Marena 18:17-46.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 5 ¶1-6 le lebokose le leqepheng la 52 le la 55

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 7 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | January

BEKE EA LA 12-18 MARCH, 2018

17 Re ka Fana ka Eng ho ea Nang le Lintho Tsohle?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela