Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
March
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labobeli, la 20 March

Mahlo a Jehova a sebakeng se seng le se seng, a lula a talimile ba babe le ba molemo.—Liprov. 15:3.

Ruri ke tlotla ho ba karolo ea mokhatlo oa Jehova. Kaha re tseba melao le litaelo tsa Molimo, re lokela ho etsa se nepahetseng le ho tšehetsa bobusi ba hae. Ha lefatše lena le ntse le tetebela le ho feta boitšoarong bo bobe, re lokela ‘ho hloea se sebe,’ joaloka Jehova. (Pes. 97:10) Ha re batle ho tšoana le batho ba se nang bomolimo ba reng “botle ke bobe le bobe ke botle.” (Esa. 5:20) Kaha re batla ho khahlisa Molimo, re ikitlaelletsa ho lula re hloekile nameng, boitšoarong le moeeng. (1 Bakor. 6:9-11) Re rata Jehova ’me rea mo tšepa; kahoo re khetha ho mo tšepahalla ka hore re hlomphe melao e boletsoeng ka ho hlaka ka Lentsoeng la hae. ’Me re ikitlaelletsa ho phela ka melao eo nako eohle, ebang re lapeng, ka phuthehong, mosebetsing kapa sekolong. w16.11 3:13

La 19-25 March
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | March

La 19-25 March

MATHEU 24

  • Pina ea 43 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Lula U e-na le Kamano e Matla le Molimo Nakong Ena ea Bofelo”: (10 mets.)

    • Mat 24:12—Ho eketseha ha tlolo ea molao ho tla etsa hore lerato la batho ba bangata le fokotsehe (it-2 279 ¶6)

    • Mat 24:39—Ba bang ba tla phathahana haholo ka lintho tse tloaelehileng bophelong ’me ba khaotse ho sebeletsa Molimo ka cheseho (w99 11/15 19 ¶5)

    • Mat 24:44—Morena o tla tla ka nako eo batho ba sa e lebellang (jy 259 ¶5)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat 24:8—Jesu o ne a bolela’ng ka mantsoe aa? “bohloko ba mahlomola” litlhaloso tsa(Mat 24:8 nwtsty)

    • Mat 24:20—Ke hobane’ng ha Jesu a ile fana ka keletso ee? “mariha,” “ka letsatsi la sabatha” litlhaloso tsa (Mat 24:20 nwtsty)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 24:1-22

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.

  • Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Motho eo u ileng oa bua le eena nako e fetileng ha a eo empa u fumana mong ka eena.

  • Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 142

  • “Re Phela Qetellong ea Matsatsi a Bofelo”: (15 mets.) Puisano. Bapala video. (tlas’a HO TSOA STUDIONG SA RONA).

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Khao. 5 ¶7-15

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 115 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | January

BEKE EA LA 19-25 MARCH, 2018

22 Ke Lerato la Mofuta Ofe le Tla re Thabisa ele Kannete?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela