Mantaha, la 19 March
Le ’ne le eletsane.—Baheb. 3:13.
Jehova le Jesu ba ananela haholo boiteko boo kaofela ha rona re bo etsang ho tšehetsa ’Muso oa Molimo, esita le haeba re sa khone ho etsa se sekaalo ka lebaka la maemo a rona. (Luka 21:1-4; 2 Bakor. 8:12) Mohlala, bara le barali babo rona ba holileng ba ikitlaelletsa ho ba teng libokeng le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo kamehla. Ruri re lokela ho ba babatsa le ho ba khothatsa. Batla menyetla ea ho khothatsa ba bang. Re lokela ho khothatsa ba bang ha re elelloa lintho tse ntle tseo ba li etsang. Hlokomela se ileng sa etsahala ha Pauluse le Barnabase ba le Antioke e Pisidia. Balaoli ba okamelang ba synagoge ba ile ba re ho bona: “Banna, barab’abo rōna, haeba ho e-na le lentsoe leha e le lefe la khothatso bakeng sa batho, le le bolele.” Ka mor’a moo, Pauluse a fana ka puo e monate. (Lik. 13:13-16, 42-44) Ka sebele, re lokela ho bua haeba re e-na le mantsoe a khothatso. Re tla lemoha hore haeba re tloaetse ho khothatsa ba bang, le bona ba tla re khothatsa.—Luka 6:38. w16.11 1:3, 15, 16
La 19-25 March
MATHEU 24
Pina ea 43 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Lula U e-na le Kamano e Matla le Molimo Nakong Ena ea Bofelo”: (10 mets.)
Mat 24:12—Ho eketseha ha tlolo ea molao ho tla etsa hore lerato la batho ba bangata le fokotsehe (it-2 279 ¶6)
Mat 24:39—Ba bang ba tla phathahana haholo ka lintho tse tloaelehileng bophelong ’me ba khaotse ho sebeletsa Molimo ka cheseho (w99 11/15 19 ¶5)
Mat 24:44—Morena o tla tla ka nako eo batho ba sa e lebellang (jy 259 ¶5)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat 24:8—Jesu o ne a bolela’ng ka mantsoe aa? “bohloko ba mahlomola” litlhaloso tsa(Mat 24:8 nwtsty)
Mat 24:20—Ke hobane’ng ha Jesu a ile fana ka keletso ee? “mariha,” “ka letsatsi la sabatha” litlhaloso tsa (Mat 24:20 nwtsty)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 24:1-22
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Motho eo u ileng oa bua le eena nako e fetileng ha a eo empa u fumana mong ka eena.
Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Re Phela Qetellong ea Matsatsi a Bofelo”: (15 mets.) Puisano. Bapala video. (tlas’a HO TSOA STUDIONG SA RONA).
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Khao. 5 ¶7-15
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 115 le Thapelo