Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
March
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labone, la 22 March

[Re] ba tsamaeang, eseng tumellanong le nama, empa tumellanong le moea.—Bar. 8:4.

Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a hatisa kotsi ea ho phela “tumellanong le nama” ho Bakreste ba tlotsitsoeng? Na kotsi e tšoanang e ka ama Bakreste ba mehleng ee bao Jehova a ba nkang e le metsoalle ea hae le bao a ba nkang ba lokile? Ka masoabi, Mokreste leha e le ofe a ka qala ho phela tumellanong le litakatso tsa nama. Mohlala, Pauluse o ile a re ba bang ba barab’abo rona ba Roma e ne e le makhoba a litakatso tsa bona tse fosahetseng, e-bang ke tsa ho kopanela liphate, tsa ho ja, ho noa kapa litakatso tse ling. Ba bang ba ne ba “eka” batho ba bang. (Bar. 16:17, 18; Bafil. 3:18, 19; Juda 4, 8, 12) Ka nako e ’ngoe mor’abo rōna e mong oa Korinthe o ne a phela le “mosali oa ntat’ae.” (1 Bakor. 5:1) Ka hona, hoa utloahala hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a sebelisa Pauluse hore a lemose Bakreste ka ho “beha likelello tsa bona linthong tsa nama.” (Bar. 8:5, 6) Keletso eo e ntse e sebetsa le mehleng ena. w16.12 2:5, 8, 9

La 19-25 March
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | March

La 19-25 March

MATHEU 24

  • Pina ea 43 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Lula U e-na le Kamano e Matla le Molimo Nakong Ena ea Bofelo”: (10 mets.)

    • Mat 24:12—Ho eketseha ha tlolo ea molao ho tla etsa hore lerato la batho ba bangata le fokotsehe (it-2 279 ¶6)

    • Mat 24:39—Ba bang ba tla phathahana haholo ka lintho tse tloaelehileng bophelong ’me ba khaotse ho sebeletsa Molimo ka cheseho (w99 11/15 19 ¶5)

    • Mat 24:44—Morena o tla tla ka nako eo batho ba sa e lebellang (jy 259 ¶5)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat 24:8—Jesu o ne a bolela’ng ka mantsoe aa? “bohloko ba mahlomola” litlhaloso tsa(Mat 24:8 nwtsty)

    • Mat 24:20—Ke hobane’ng ha Jesu a ile fana ka keletso ee? “mariha,” “ka letsatsi la sabatha” litlhaloso tsa (Mat 24:20 nwtsty)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 24:1-22

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.

  • Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Motho eo u ileng oa bua le eena nako e fetileng ha a eo empa u fumana mong ka eena.

  • Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 142

  • “Re Phela Qetellong ea Matsatsi a Bofelo”: (15 mets.) Puisano. Bapala video. (tlas’a HO TSOA STUDIONG SA RONA).

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Khao. 5 ¶7-15

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 115 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | January

BEKE EA LA 19-25 MARCH, 2018

22 Ke Lerato la Mofuta Ofe le Tla re Thabisa ele Kannete?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela