Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
March
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Sontaha, la 25 March

Ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse.—Bafil. 2:3.

Motho ea ikokobelitseng o lumela liphoso tsa hae, o amohela keletso ’me o ikemiselitse ho ithuta ho ba bang. Jehova o rata batho ba ikokobelitseng. Bibele e boetse e bontša hore motho ea inyenyefatsang o tseba moo matla a hae a fellang teng, ebile o tseba lintho tseo a sa lumelloang ho li etsa. Sena se mo thusa hore a hlomphe batho ba bang a be a ba tšoare ka mosa. Re ka hlokomela joang haeba re se re qala ho ikhohomosa? Nahana ka lintlha tse latelang. Re ka ’na ra inkela holimo hobane re na le litokelo tse itseng ka phuthehong, kapa re tloaelane le batho ba nang le tsona. (Bar. 12:16) Kapa ra etsa lintho tse hapang tlhokomelo ea batho ho sa hlokahale. (1 Tim. 2:9, 10) Kapa mohlomong ra hatella ba bang hore ba mamele maikutlo a rona hobane feela re na le boemo bo itseng ka phuthehong kapa re tsebana le ba nang le bona empa re sa lemohe hore re se re qalile ho ikhohomosa.—1 Bakor. 4:6. w17.01 3:6-8

La 19-25 March
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | March

La 19-25 March

MATHEU 24

  • Pina ea 43 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Lula U e-na le Kamano e Matla le Molimo Nakong Ena ea Bofelo”: (10 mets.)

    • Mat 24:12—Ho eketseha ha tlolo ea molao ho tla etsa hore lerato la batho ba bangata le fokotsehe (it-2 279 ¶6)

    • Mat 24:39—Ba bang ba tla phathahana haholo ka lintho tse tloaelehileng bophelong ’me ba khaotse ho sebeletsa Molimo ka cheseho (w99 11/15 19 ¶5)

    • Mat 24:44—Morena o tla tla ka nako eo batho ba sa e lebellang (jy 259 ¶5)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat 24:8—Jesu o ne a bolela’ng ka mantsoe aa? “bohloko ba mahlomola” litlhaloso tsa(Mat 24:8 nwtsty)

    • Mat 24:20—Ke hobane’ng ha Jesu a ile fana ka keletso ee? “mariha,” “ka letsatsi la sabatha” litlhaloso tsa (Mat 24:20 nwtsty)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 24:1-22

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.

  • Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Motho eo u ileng oa bua le eena nako e fetileng ha a eo empa u fumana mong ka eena.

  • Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 142

  • “Re Phela Qetellong ea Matsatsi a Bofelo”: (15 mets.) Puisano. Bapala video. (tlas’a HO TSOA STUDIONG SA RONA).

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Khao. 5 ¶7-15

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 115 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | January

BEKE EA LA 19-25 MARCH, 2018

22 Ke Lerato la Mofuta Ofe le Tla re Thabisa ele Kannete?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela