Mantaha, la 26 March
Botle ba bahlankana ke matla a bona, ’me bokhabane ba banna-baholo ke bohlooho-putsoa ba bona.—Liprov. 20:29.
Nako le nako mosebetsi oa batho ba Jehova o ntse o eketseha. Mokhatlo oa Jehova o sebelisa theknoloji ho isa litaba tse molemo ho batho ba bangata kamoo ho ka khonehang. Empa ka linako tse ling ho ka ba thata ho ba seng ba holile ho sebelisa theknoloji. (Luka 5:39) Ha ba tšoane le bacha, hobane ba fokolloa le ke matla. Kahoo, ke habohlokoa ho ba seng ba holile hore ba koetlise ba bacha hore ba jare boikarabelo bo eketsehileng. (Pes. 71:18) Ho ka ’na ha e-ba thata ho ba nang le boikarabelo ka phuthehong ho abela ba bang mosebetsi. Ba bang ba tšaba hore ba tla lahleheloa ke likabelo tseo ba li ratang. Ha ba bang ba nahana hore ba bacha ba ke ke ba khona ho etsa mosebetsi oo hantle. Ebile ba re ha ba na nako ea ho ba rupela. Ka lehlakoreng le leng ba bacha ba lokela ho ba le mamello ha ba bona ba sa fuoe likabelo. w17.01 5:3, 4
La 26 March–la 1 April
MATHEU 25
Pina ea 128 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Le Lule le Lebetse”: (10 mets.)
Mat 25:1-6—Baroetsana ba bahlano ba masene le ba bahlano ba maoatla ba ile ba tsoa ho ea kopana le monyali
Mat 25:7-10—Baroetsana ba maoatla ba ne ba le sieo ha monyali a fihla
Mat 25:11, 12—Ke baroetsana ba masene feela ba ileng ba amoheloa moketeng oa lenyalo
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat 25:31-33—Hlalosa papiso ea linku le lipoli. (w15 3/15 27 ¶7)
Mat 25:40—Re ka tsoela pele re le metsoalle ea barab’abo Kreste ka ho etsa’ng? (w09 10/15 16 ¶16-18)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 25:1-23
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sheba leq. la pele. Mo memele Sehopotsong.
Leeto la boraro la ho Boela: (3 mets. kapa tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u batlang ho bua ka lona ’me u fane ka sengoliloeng sa ho ithuta Bibele.
Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) w15 3/15 27 ¶7-10—Sehlooho: Ke Joang Papiso ea Linku le Lipoli e Hatisang Bohlokoa ba Mosebetsi oa Boboleli?
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Boboleling—Ho Ruta Liithuti Tsa Rona ho Lokisetsa”: (10 mets.) Puisano. Ka mor’a moo bapala le ho bua ka video e bontšang mohoeletsi ea rutang seithuti sa hae ho lokisetsa thuto. Kopa bamameli hore ba bolele litsela tse ling tseo ba boneng li atleha ha ba ruta liithuti tsa bona ho lokisetsa thuto ea Bibele.
Amohela Baeti: (5 mets.) Puo e thehiloeng ho Kemiso ea Liboka ea Bophelo le Tšebeletso ea Rōna ea March 2016. Pheta liphihlelo tse monate tse etsahetseng nakong ea Sehopotso ka 2017. Hopotsa bamameli lintlha tse mabapi le sehopotso se tla ba ka la 31 March tse akarelletsang ho paka makoloi, ho kena le ho tsoa mohahong.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 5 ¶16-23
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 139 le Thapelo
BEKE EA LA 26 MARCH, 2018–1 APRIL, 2018
27 Bona Phapang Pakeng tsa Batho ba Sebeletsang Jehova le ba sa mo Sebeletseng