Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
April
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labobeli, la 24 April

Ka sebele ho Jehova e tla ba batho ba hlahisang nyehelo ea mpho ka ho loka.—Mal. 3:3.

Malakia 3:1-3 e bua ka selemo sa 1914 ho ea mathoasong a 1919, e leng nako eo ka eona “bara ba Levi” ba tlotsitsoeng ba neng ba hloekisoa. Ka nako eo, Jehova Molimo, e leng “Morena oa ’nete,” le Jesu Kreste, “lenģosa la selekane,” ba ile ba tla tempeleng ea moea ho tla hlahloba ba sebeletsang ho eona. Ka mor’a hore ba fuoe khalemelo eo ba e hlokang, batho ba Jehova ba hloekisitsoeng ba ne ba se ba loketse ho jara boikarabelo bo eketsehileng. Ka 1919, ho ile ha khethoa “lekhoba le tšepahalang le le masene” hore le fe ba ntlo ea tumelo lijo ka nako e tšoanetseng. (Mat. 24:45) Batho ba Molimo ba ne ba se ba lokolohile tšusumetsong ea Babylona e Moholo. Ka lebaka la mosa oa Jehova o sa tšoanelang, ba ’nile ba tsoela pele ho utloisisa thato ea hae le ho bontša hore ba rata Ntate oa bona ea leholimong. Ruri o ile a ba hlohonolofatsa. w16.11 5:14

La 23-29 April
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | April

La 23-29 April

Mareka 3-4

  • Pina ea 143 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Ho Phekola ka Letsatsi la Sabatha”: (10 mets.)

    • Mar 3:1, 2—Baeta-pele ba bolumeli ba Sejuda ba ne ba batla lebaka la ho qosa Jesu (jy 78 ¶1-2)

    • Mar 3:3, 4—Jesu o ne a tseba hore ba ne ba e-na le pono e feteletseng ka molao oa Sabatha (jy 78 ¶3)

    • Mar 3:5—Jesu o ne “a saretsoe haholo ka lebaka la ho hloka boikutlo ha lipelo tsa bona” (“ka khalefo, a saretsoe haholo” litlhaloso tsa Mar 3:5, nwtsty)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mar 3:29—Ho nyefola moea o halalelang ho bolela’ng, hona liphello ke life? (“ea nyefolang moea o halalelang,” “o molato oa sebe se sa feleng litlhaloso tsa Mar 3:29, nwtsty)

    • Mar 4:26-29—Re ka ithuta’ng papisong ea Jesu ea mojali ea robalang? (w14 12/15 12-13 ¶6-8)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar. 3:1-19a

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

  • Leeto la Boraro la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Ikhethele lengolo leo u tla bua ka lona ebe u mo fa sengoliloeng

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 34-36 ¶21-22 —Bontša kamoo u ka finyellang pelo ea seithuti ka teng.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 123

  • “Ea nang le litsebe ho mamela a ke a mamele’’: (15 mets.) Mar 4:9 e bolela’ng? (“Ea nang le litsebe ho mamela a ke a mamele” litlhaloso tsa Mar 4:9, nwtsty). Bapala video ea Mamela Keletso ’me U amohele Taeo. Ka mor’a moo le buisane ka lintlha tse hlahang lebokoseng le reng: “Mamela keletso ‘me u amohele taeo” khaolong ea 4 ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo.”

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 7¶1-9 le lebokose le leqepheng la 76 le 78

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 125 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | February

BEKE EA LA 23-29 APRIL, 2018

23 Lula U E-na le Kamano e Ntle le Jehova

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela