Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
April
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Laboraro, la 25 April

“Ntekeng tabeng ena,” ho boletse Jehova oa mabotho, “hore na ebe nke ke ka le bulela likhoro tsa moroallo tsa maholimo ’me ke le tšollele tlhohonolofatso ho fihlela ho se ho se letho le hlokoang.”—Mal. 3:10.

Re rata Jehova hobane “o ile a re rata pele.” (1 Joh. 4:19) Jehova o ithaopetse ho hlohonolofatsa bahlanka ba hae ba tšepahalang, e le ho bontša hore oa ba rata. Ha re ntse re rata Molimo le ho feta, re ba le tumelo e matla ea hore o teng le hore o putsa batho ba mo ratang. (Baheb. 11:6) Jehova o tsebahala ka ho putsa batho. Re ke ke ra re re na le tumelo haeba re sa kholiseha hore Molimo o tla putsa ba mo batlang ka tieo, kaha “tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona.” (Heb. 11:1) Tumelo e akarelletsa ho kholiseha ka ho feletseng hore Molimo o tla hlohonolofatsa bahlanka ba hae. Joalokaha re bona temaneng ea letsatsi ea kajeno, Jehova o re re mo leke. Re bontša kananelo ka ho mamela seo Jehova a reng re se etse. w16.12 4:1-3

La 23-29 April
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | April

La 23-29 April

Mareka 3-4

  • Pina ea 143 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Ho Phekola ka Letsatsi la Sabatha”: (10 mets.)

    • Mar 3:1, 2—Baeta-pele ba bolumeli ba Sejuda ba ne ba batla lebaka la ho qosa Jesu (jy 78 ¶1-2)

    • Mar 3:3, 4—Jesu o ne a tseba hore ba ne ba e-na le pono e feteletseng ka molao oa Sabatha (jy 78 ¶3)

    • Mar 3:5—Jesu o ne “a saretsoe haholo ka lebaka la ho hloka boikutlo ha lipelo tsa bona” (“ka khalefo, a saretsoe haholo” litlhaloso tsa Mar 3:5, nwtsty)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mar 3:29—Ho nyefola moea o halalelang ho bolela’ng, hona liphello ke life? (“ea nyefolang moea o halalelang,” “o molato oa sebe se sa feleng litlhaloso tsa Mar 3:29, nwtsty)

    • Mar 4:26-29—Re ka ithuta’ng papisong ea Jesu ea mojali ea robalang? (w14 12/15 12-13 ¶6-8)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar. 3:1-19a

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

  • Leeto la Boraro la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Ikhethele lengolo leo u tla bua ka lona ebe u mo fa sengoliloeng

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 34-36 ¶21-22 —Bontša kamoo u ka finyellang pelo ea seithuti ka teng.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 123

  • “Ea nang le litsebe ho mamela a ke a mamele’’: (15 mets.) Mar 4:9 e bolela’ng? (“Ea nang le litsebe ho mamela a ke a mamele” litlhaloso tsa Mar 4:9, nwtsty). Bapala video ea Mamela Keletso ’me U amohele Taeo. Ka mor’a moo le buisane ka lintlha tse hlahang lebokoseng le reng: “Mamela keletso ‘me u amohele taeo” khaolong ea 4 ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo.”

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 7¶1-9 le lebokose le leqepheng la 76 le 78

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 125 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | February

BEKE EA LA 23-29 APRIL, 2018

23 Lula U E-na le Kamano e Ntle le Jehova

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela