Moqebelo, la 28 April
Ho tsoa bohloking ba hae o akhetse mokhoa oohle oa ho iphelisa oo a neng a e-na le oona.—Luka 21:4.
Feela joaloka mohlolohali eo, re kholisehile hore haeba re etelletsa ’Muso pele, Jehova o tla re fa tsohle tseo re li hlokang. (Mat. 6:33) Nahana ka mor’abo rona Malcolm. Lilemong tse ngata tseo eena le mosali oa hae ba li qetileng ba sebeletsa Jehova, ba ile ba tobana le mathata. O ile a re: “Ka linako tse ling bophelo ha boa tsitsa, ho hlaha maemo ao ho leng thata ho sebetsana le ’ona. Empa Jehova o hlohonolofatsa ba itšetlehileng ka eena.” Mor’abo rona Malcolm o ile a fana ka keletso e reng: “Rapela Jehova hore a u thuse hore u mo sebeletse ka mafolofolo. Ho e-na le ho tšoenyeha haholo ka lintho tseo re ke keng ra khona ho li etsa, re lokela ho nahana ka tseo re ka khonang ho li etsa.” Ha tsamaiso ena ea lintho e ntse e mpefala le ho feta, re lebeletse hore mathata ao re kopanang le ’ona a eketsehe. (2 Tim. 3:1, 13) Kahoo, ke habohlokoa hore re se ke ra tšoenyeha haholo ka mathata ao. Ho e-na le hoo, re lokela ho ba le tšepo e tiileng ho Jehova ha re ntse re nka mehato e nepahetseng. w17.01 1:17-19
La 23-29 April
Mareka 3-4
Pina ea 143 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Ho Phekola ka Letsatsi la Sabatha”: (10 mets.)
Mar 3:1, 2—Baeta-pele ba bolumeli ba Sejuda ba ne ba batla lebaka la ho qosa Jesu (jy 78 ¶1-2)
Mar 3:3, 4—Jesu o ne a tseba hore ba ne ba e-na le pono e feteletseng ka molao oa Sabatha (jy 78 ¶3)
Mar 3:5—Jesu o ne “a saretsoe haholo ka lebaka la ho hloka boikutlo ha lipelo tsa bona” (“ka khalefo, a saretsoe haholo” litlhaloso tsa Mar 3:5, nwtsty)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mar 3:29—Ho nyefola moea o halalelang ho bolela’ng, hona liphello ke life? (“ea nyefolang moea o halalelang,” “o molato oa sebe se sa feleng litlhaloso tsa Mar 3:29, nwtsty)
Mar 4:26-29—Re ka ithuta’ng papisong ea Jesu ea mojali ea robalang? (w14 12/15 12-13 ¶6-8)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar. 3:1-19a
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Leeto la Boraro la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Ikhethele lengolo leo u tla bua ka lona ebe u mo fa sengoliloeng
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 34-36 ¶21-22 —Bontša kamoo u ka finyellang pelo ea seithuti ka teng.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Ea nang le litsebe ho mamela a ke a mamele’’: (15 mets.) Mar 4:9 e bolela’ng? (“Ea nang le litsebe ho mamela a ke a mamele” litlhaloso tsa Mar 4:9, nwtsty). Bapala video ea Mamela Keletso ’me U amohele Taeo. Ka mor’a moo le buisane ka lintlha tse hlahang lebokoseng le reng: “Mamela keletso ‘me u amohele taeo” khaolong ea 4 ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo.”
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 7¶1-9 le lebokose le leqepheng la 76 le 78
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 125 le Thapelo