Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
April
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Moqebelo, la 21 April

Ka tumelo Noe, ka mor’a ho fuoa temoso ea bomolimo ea lintho tse e-s’o bonoe, o ile a bontša tšabo ea bomolimo eaba o haha areka bakeng sa ho pholosa ba ntlo ea hae.—Baheb. 11:7.

Ha ho pelaelo hore baahelani ba Noe ba ile ba mo botsa hore na ke hobane’ng ha a haha ntho e kholo hakaalo. Na Noe o ile a itholela feela kapa a re ba khaohane le eena? Che! Tumelo e ile ea mo susumelletsa ho ba pakela ka sebete le ho ba hlokomelisa hore Molimo o tl’o tlisa kahlolo. Ho ka etsahala hore ebe Noe o ile a ba phetela mantsoe ao Jehova a a buileng ho eena ha a re: “Bofelo ba nama eohle bo fihlile ka pel’a ka, hobane lefatše le tletse pefo ka lebaka la bona. . . Ke tlisa moroallo oa metsi holim’a lefatše ho felisa nama eohle eo matla a bophelo a sebetsang ho eona tlas’a maholimo. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng e tla shoa.” Ha ho pelaelo hore Noe o ile a hlalosetsa batho hore na ba lokela ho etsa’ng e le hore ba pholohe, ’me a ba bolella hore Molimo o itse ho eena: “U tla kena ka arekeng.” Kahoo, Noe o ile a bontša tumelo ka hore e be “’moleli oa ho loka.”—Gen. 6:13, 17, 18; 2 Pet. 2:5. w16.10 4:7

La 16-22 April
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | April

La 16-22 April

Mareka 1–2

  • Pina ea 77 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “U Tšoaretsoe Libe”: (10 mets.)

    • [Bapala video ea Selelekela sa Mareka.]

    • Mar. 2:3-5​—Jesu ka mosa o ile a tšoarela motho ea neng a holofetse (jy 67 ¶3-5)

    • Mar. 2:6-12​—Ka ho folisa motho ea holofetseng, Jesu o ile a bontša hore o na le matla a ho tšoarela (“Ke hofe ho bonolo” litlhaloso tsa Mar 2:9, nwtsty)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mar. 1:11​—Mantsoe ao Jehova a ileng aa bolella Jesu a bolelang? (“eaba lentsoe le tsoa maholimong,” “U Mora oa ka,” “ke u amohetse,” litlhaloso tsa Mar 1:11, nwtsty)

    • Mar. 2:27, 28​—Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ipitsa “Morena.  . . oa Sabatha”? (“Morena . . . oa sabatha” litlhaloso tsa Mar 2:28, nwtsty)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar. 1:1-15

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.

  • Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

  • Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 68

  • “Ke tlil’o bitsa baetsalibe, eseng batho ba lokileng”: (7 mets.) Puisano. Bapala video ea Ho Atleha Ka Mor’a Ho Tsoa Teronkong. Botsa lipotso tse latelang: Ke’ng e thusitseng Donald hore a thabe? Ha re ntse re bolella batho Lentsoe, re ka etsisa Jesu joang e le hore re se ke ra ba leeme? -Mar. 2:17.

  • Jehova o tšoarela “ka tsela e kholo”: (8 mets.) Puisano. Bapala video ea Jehova, u Tl’o ba oa Pele Bophelong ba ka. Ka mor’a moo botsa lipotso tse latelang: Anneliese o ile a khutlela ho Jehova joang hona hobane’ng? (Esa. 55:6, 7) U ka sebelisa phihlelo ea hae joang ho thusa ba seng ba sa sebeletse Jehova?

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 6¶16-23

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 117 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | February

BEKE EA LA 16-22 APRIL, 2018

18 Ha e le Hantle ho ba le Kamano e Ntle le Molimo ho Bolela’ng?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela