Labone, la 5 April
Ba tsoela pele ho inehela . . . ho arolelaneng.—Lik 2:42.
Bahlanka ba Jehova ba thabela ho bokana hammoho. Mohlala, Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ne ba thabela ho rapela Jehova ba le hammoho le ho ithuta ka eena. E ka ’na eaba le uena u thabela ho ba teng libokeng. Mohlomong joaloka balumeli-’moho le uena ba bang, u thatafalloa ho ba teng libokeng kamehla. Ho ka etsahala hore ebe u sebetsa lihora tse ngata kapa u na le boikarabelo bo bongata kapa u lula u khathetse. Ho ananela liboka ho ka re thusa ho etsa sohle se matleng a rona hore re be teng ho tsona. Leha ho le joalo, bara le barali babo rona ba bang ha ba khone ho ba teng libokeng kamehla ka lebaka la maemo ao ba ke keng ba a qoba. Mohlala, ba bang ba kula haholo. Mohlomong baholo ba ka ba thusa ho mamela liboka ka thelefono kapa ba ba rekotela tsona. w16.04 3:3
La 2-8 April
Matheu 26
Pina ea 8 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Paseka le Sehopotso—Li Tšoana Joang Hape li Fapana Joang?”: (10 mets.)
Mat. 26:17-20—Jesu o ile a ja Paseka ea ho qetela le baapostola ba hae (“Lijo Tsa Shoalane” litšoantšo tse ho Mat 26:18, nwtsty)
Mat. 26:26—Bohobe ba Sehopotso bo emela ’mele oa Jesu (“se bolela” litlhaloso tsa Mat 26:26, nwtsty)
Mat. 26:27, 28—Veine ea Sehopotso e emela “mali a selekane” a Jesu (“mali a selekane ” litlhaloso tsa Mat 26:28, nwtsty)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat. 26:17—Hobane’ng ha ho ka ha thoe la 13 Nisan ke “letsatsi la pele la mahobe a sa lomosoang”? (“Ka letsatsi la pele la Mahobe a sa Lomosoang” litlhaloso tsa Mat 26:17, nwtsty)
Mat. 26:39—Ke’ng e ileng ea susumetsa Jesu hore a rapele a re: “Senoelo sena se ke se mphete”? (“senoelo sena se ke se mphete”litlhaloso tsa Mat 26:39, nwtsty)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat. 26:1-19
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala video. ’me le buisane ka eona.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ho tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo re ka se buang le batho.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 55-56 ¶21-22 le Sehlomathiso se leqepheng la 206-8
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Litlhoko Tsa Phutheho: (8 mets.)
E-ba motsoalle oa Jehova—Thekollo: (7 mets.) Bapala video. Ka mor’a moo, bitsa bana bao u lokiselitseng le bona hore ba tle sethaleng; u ba botse lipotso tsena: Ke hobane’ng ha batho ba kula, ba tsofala le ho shoa? Jehova o re file tšepo efe? U batla ho kopana le mang Paradeiseng?
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Sehlomathiso se leqepheng la 212-215
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 102 le Thapelo