Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
April
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labone, la 12 April

Ithuteng ka likhahla tsa naha.—Mat. 6:28.

Jesu o re bontša mesebetsi e babatsehang ea Jehova. Re ka ithuta thuto ea bohlokoa ho “likhahla tsa naha.” E ka ’na eaba Jesu o ne a nahanne ka lipalesa tse ntle tsa naha tse kang khomo ea balisa, makholela le mohalalitoe. Lipalesa tsena ha li ohle, kapa hona ho ithokela liaparo. Empa li etsa lithunthung tse ntle ka tsela e hlollang. Ke kahoo ‘esita le Solomone khanyeng eohle ea hae a sa kang a apara joaloka e ’ngoe ea tsona’. Ntlha eo Jesu a neng a e bontša ke hore: ‘Haeba Molimo a apesa limela tsa naha joalo, na a ke ke a le apesa, lōna ba nang le tumelo e nyenyane?’ (Mat. 6:29, 30) Ha ho pelaelo hore a ka re apesa. Empa barutuoa ba Jesu ba ne ba haelloa ke tumelo. (Mat. 8:26; 14:31; 16:8; 17:20) Ba ne ba lokela ho ba le tumelo e matla ’me ba tšepe Jehova. Na rona re na le tumelo e matla? Na re kholisehile hore Jehova o batla ho re thusa le hore a ka khona ho re hlokomela? w16.07 1:15, 16

La 9-15 April
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | April

La 9-15 April

Matheu 27–28

  • Pina ea 97 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “E-Eang le Etse Barutuoa. Hobane’ng, Hokae hona Joang?”: (10 mets.)

    • Mat. 28:18​—Jesu o na le matla a maholo (w04 7/1 8 ¶4)

    • Mat. 28:19​—Jesu o ile a etsa letšolo la hore ho boleloe hape ho rutoe Lentsoe la Molimo lefatšeng lohle (“le etse barutuoa,” “batho ba lichaba tsohle” litlhaloso tsa Mat 28:19, nwtsty)

    • Mat. 28:20—Re lokela ho thusa batho hore ba ithute le ho sebelisa seo Jesu a se rutileng (“le ba rute” litlhaloso tsa Mat 28:20, nwtsty)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat. 27:51 —Ho aroha ha lesira likoto tse peli ho ne ho tšoantšetsa’ng? (“Lesira,” “sehalalelo” litlhaloso tsa Mat 27:51, nwtsty)

    • Mat. 28:7​—Ke joang lengeloi la Jehova le ileng la bontša hore le hlompha basali ba neng ba tlile lebitleng la Jesu? (“le bolelle barutuoa ba hae hore o tsositsoe” litlhaloso tsa Mat 28:7, nwtsty)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat. 27:38-54

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo re ka se buang le batho.

  • Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala video. ’me le buisane ka eona.

  • Puo: (6 mets kapa ka tlaase ho moo) g17.2 14​—Sehlooho: Na Jesu o ile a thakhisoa sefapanong?

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 96

  • “Ke ha Bohlokoa ho Bolela le ho Ruta e le Hore re Etse Barutuoa”: (15 mets.) Puisano. Ha le bua ka sehlooho sena, bapala livideo tsa “Ho Paka re sa Khaotse”​—Neng le Neng ha Monyetla o Hlaha le ka Ntlo le Ntlo le ea “Ho Paka re sa Khaotse”—​Phatlalatsa le ka ho Etsa Barutuoa.

  • • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 6 ¶1-9

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 137 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | February

BEKE EA LA 9-15 APRIL, 2018

8 Na U Tseba Jehova Joaloka Noe, Daniele le Jobo?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela