Labobeli, la 10 July
E se eka Morena oa rōna Jesu Kreste le Molimo Ntate. . . ba ka tšelisa lipelo tsa lōna le ho le tiisa. —2 Bathes. 2:16, 17.
Tlhohonolofatso e kholo eo re e fumanang ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Jehova ke hore a re tšelise ha re robehile lipelo. (Pes. 51:17) Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Thessalonika ba neng ba hlorisoa, mantsoe a temana ea kajeno. Ka sebele hoa tšelisa ho tseba hore Jehova oa re hlokomela, ka lebaka la mosa oa hae. Kaha re baetsalibe, re ne re ke ke ra ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. (Pes. 49:7, 8) Empa Jehova o re fa tšepo eo e babatsehang. Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Ena ke thato ea Ntate, hore e mong le e mong ea bonang Mora le ea bontšang tumelo ho eena a be le bophelo bo sa feleng.” (Joh. 6:40) Molimo o re file mpho ea bophelo bo sa feleng ka lebaka la mosa oa hae o sa tšoanelang. Pauluse o ile a re: “Mosa o sa tšoanelang oa Molimo o tlisang poloko ho batho ba mefuta eohle o bonahalitsoe.”—Tite 2:11. w16.07 3:14, 15
La 9-15 July
Luka 8-9
Pina ea 13 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Re Lokela ho Etsa’ng e le Hore re be Balateli ba Jesu?”: (10 mets.)
Lu 9:57, 58—Balateli ba Jesu ba lokela ho tšepa Jehova (it-2-E 494)
Lu 9:59, 60—Balateli ba Jesu ba nka ’Muso oa Molimo e le oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba bona (“ke e’o pata ntate,” “Tlohela bafu ba pate bafu ba bona” litlhaloso tsa Lu 9:59, 60 tse ho nwtsty-E)
Lu 9:61, 62—Balateli ba Jesu ha ba lumelle lintho tsa lefatše ho ba sitisa ho sebeletsa Molimo (“Ho lema” litšoantšo tsa Lu 9:62, tse ho nwtsty-E; w12 4/15 15-16 ¶11-13)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 8:3—Bakreste baa ba ile ba “sebeletsa” Jesu le baapostola joang? (“ba ba sebeletsa” litlhaloso tsa Lu 8:3 tse ho nwtsty-E)
Lu 9:49, 50—Ke hobane’ng ha Jesu a sa ka a thibela monna e mong ho leleka bademona, le hoja monna eo e ne e se molateli oa hae? (w08 3/15 31 ¶2)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 8:1-15
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Video ea Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.
Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) w12 3/15 27-28 ¶11-15—Sehlooho: Ke Hobane’ng ha re sa Lokela ho Ikoahlaela Boitelo Bofe Kapa Bofe Boo re Ileng ra bo Etsa e le Hore re Etelletse Tšebeletso ea Molimo Pele?
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Litlhoko Tsa Phutheho: (15 mets.)
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 10 ¶9-15 le lebokose le leq. la 114
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 110 le Thapelo