Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
July
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labobeli, la 3 July

Ha le ema le rapela, le tšoarele eng kapa eng eo le nang le eona khahlanong le mang kapa mang; e le hore Ntat’a lōna ea leng maholimong le eena a ka le tšoarela litšito tsa lōna.—Mar. 11:25.

Re rorisa Jehova ha re mo rapela, rea tšimong le ha re ea libokeng. Jehova a ke ke a amohela tšebeletso ea rona haeba re sa bope khotso le barab’abo rona. Re lokela ho tšoarela ba bang ha ba re sitetsoe, haeba re batla ho ba metsoalle ea Jehova. (Luka 11:4; Baef. 4:32) Jehova o batla hore bahlanka bohle ba hae ba tšoarelane ’me ba phelisane ka khotso. Re ka ipotsa: ‘Na ke potlakela ho tšoarela barab’eso? Na ke thabela ho ba le bona?’ Haeba u hlokomela hore u lokela ho ntlafatsa tabeng ea ho tšoarela, rapela Jehova ’me u mo kope hore a u thuse. Ntate oa rona ea leholimong o tla utloa thapelo eo, a be a e arabe.—1 Joh. 5:14, 15. w16.05 1:6, 7

La 2-8 July
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | July

La 2-8 July

Luka 6-7

  • Pina ea 109 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “E-ba Seatla se Bulehileng”: (10 mets.)

    • Lu 6:37—Haeba re tšoarela batho le bona ba tl’a re tšoarela (“Tšoarela ba bang ’me le uena u tla tšoareloa” litlhaloso tsa Lu 6:37 tse ho nwtsty-E; w08 5/15 9 ¶13-14)

    • Lu 6:38—Re lokela ho itloaetsa ho fana (“Itloaetseng ho fana” litlhaloso tsa Lu 6:38 tse ho nwtsty-E)

    • Lu 6:38—Batho ba tla re lekanyetsa ka tekanyo eo re ba lekanyetsang ka eona (“likotleng” litlhaloso tsa Lu 6:38 tse ho nwtsty-E)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Lu 6:12, 13—Jesu o behetse Bakreste mohlala ofe tabeng ea ha ba lokela ho etsa liqeto tse kholo? (w07 8/1 6 ¶1)

    • Lu 7:35—Mantsoe a Jesu a ka re thusa joang haeba re etselletsoa? (“bana ba bona” litlhaloso tsa Lu 7:35 tse ho nwtsty-E)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 7:36-50

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala video ebe le buisana ka eona.

  • Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 185 ¶4-5

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 108

  • E-ba Seatla se Bulehileng Joaloka Jehova: (15 mets.) Bapala video. E be le buisana ka lipotso tse latelang:

    • Jehova le Jesu ba bontšitse joang hore ba seatla se bulehileng?

    • Jehova o re hlohonolofatsa joang ha re fana?

    • Ho bolela’ng ho tšoarela ka bolokolohi?

    • Ke ka litsela life re ka fanang ka nako ea rona?

    • Re ka etsa’ng hore re lule re babatsa batho ba bang?

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 10 ¶1-8

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 57 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | April

BEKE EA LA 2-8 JULY, 2018

25 Bacha, Lulang le Rata Jehova

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela