Mantaha, la 16 July
Ke mang ea etsang hore u se ke ua tšoana le e mong?—1 Bakor. 4:7.
Moapostola Petrose o ile a qeta nako a hloile batho bao e seng Bajuda, empa butle-butle o ile a loantša maikutlo a fosahetseng ao a neng a e-na le ’ona. (Lik. 10:28, 34, 35; Bagal. 2:11-14) Le rona haeba re hlokomela hore re na le lehloeo kapa khethollo e itseng ea morabe, re lokela ho ikitlaelletsa ho e ntša ka metso lipelong tsa rona. (1 Pet. 1:22.) Re lokela ho hopola hore kaofela ha rona re baetsalibe ’me ha ho ea tšoaneloang ke poloko, ho sa tsotellehe hore na ke oa morabe ofe. (Bar. 3:9, 10, 21-24) Joale ke hobane’ng ha re ka nka hore re phahametse ba bang? Re lokela ho ikutloa joaloka moapostola Pauluse, ea ileng a phehella Bakreste-’moho le eena ba tlotsitsoeng, a re: “Ha le sa le basele le bajaki, empa . . . le litho tsa ntlo ea Molimo.” (Baef. 2:19) Ho ikemisetsa ho se hloee batho ba litso tse ling ho tla re thusa ho apara botho bo bocha.—Bakol. 3:10, 11. w16.10 1:9
La 16-22 July
Luka 10-11
Pina ea 100 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Papiso ea Mosamaria ea Molemo”: (10 mets.)
Lu 10:29-32—Moprista o ile a feta pele ’me hamorao a lateloa ke Molevi, empa ha baa ka ba thusa Mojuda ea ileng a hlaseloa ke linokoane [Bapala “Tsela e Tsoang Jerusalema e Eang Jeriko” Litšoantšo tsa Lu 10:30 tse ho nwtsty-E.] (w02 9/1 16-17 ¶14-15)
Lu 10:33-35—Mosamaria o ile a thusa Mojuda eo ea lemetseng hobane o ne a mo rata haholo (“mosamaria ea itseng,” “a tlamisa maqeba a hae ,a a tsela ka oli le veine,” “ntlong ea baeti” litlhaloso tsa Lu 10:33, 34 tse ho nwtsty-E)
Lu 10:36, 37—Re lokela ho rata batho bohle, ho sa tsotelehe maemo, ’mala kapa morabe oa bona (w98 7/1 31 ¶2)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 10:18—Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a re ho barutuoa ba hae ba 70: “Ke ile ka qala ho bona Satane a se a oele joaloka lehalima leholimong”? (“Ke ile ka qala ho bona Satane a se a oele joaloka lehalima leholimong” litlhaloso tsa Lu 10:18 tse ho nwtsty-E; w08 3/15 31 ¶11)
Lu 11:5-9—Papiso ea monna ea qophellang e re ruta’ng ka ho rapela? (“Motsoalle,nkalime mahobe a mararo,” “Khaotsa ho nkhathatsa,” “ho qophella ha hae ho sebete” litlhaloso tsa Lu 11:5-9 tse ho nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 10:1-16
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mong’a ntlo oa hanyetsa.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Motho eo u mo etetseng o u bolella hore o ntse a ja.
Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa ho se Nke Lehlakore? (Mik. 4:2)”: (15 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 10 ¶16-24
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 146 le Thapelo
BEKE EA LA 16-22 JULY, 2018
17 Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ‘Beha Litholoana Tse Ngata’?