Mantaha, la 23 July
Ea bontšang mohau ho ea tlaase o alima Jehova, ’me O tla mo buseletsa tšoaro ea hae.—Liprov. 19:17.
Re ka kholiseha hore Jehova o ananela boiteko boo re bo etsang ha re mo sebeletsa. O oa utloisisa hore re ka ’na ra halala kapa ra belaella seo re mo etsetsang sona. O re utloela bohloko haeba mathata a rona a lichelete, ho kula kapa tsela eo re ikutloang ka eona li sitisa borapeli ba rona. Re ka kholiseha hore Jehova o oa thaba ha a bona seo bahlanka ba hae ba se etsang e le hore ba lule ba tšepahala. (Baheb. 6:10, 11) Hopola hape hore re ka atamela ho Molimo “Ea Utloang thapelo” re kholisehile hore o tla re mamela. (Pes. 65:2) “Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle” o tla re fa khothatso eo re e hlokang a be a re thuse hore re lule re e-na le kamano e ntle le eena, mohlomong a sebelisa balumeli-’moho. (2 Bakor. 1:3) Jehova oa thaba ha a bona hore re tsotella batho ba bang. (Mat. 6:3, 4) Hape o tšepisa hore o tla re putsa. w16.12 4:13, 14
La 23-29 July
Luka 12–13
Pina ea 4 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Le ba Bohlokoa ho Feta Lirobele Tse Ngata”: (10 min.)
Lu 12:6—Le linonyana tse nyane, Molimo ha a li lebale (“lirobele” litlhaloso tsa Lu 12:6 tse ho nwtsty-E)
Lu 12:7—Tsela eo Jehova a re tsebang hantle ka eona e bontša hore oa re tsotella (“esita le moriri oa lihlooho tsa lona kaofela o baliloe” litlhaloso tsa Lu 12:7 tse ho nwtsty-E)
Lu 12:7—Jehova o nka e mong le e mong oa rona e le oa bohlokoa (cl 241 ¶4-5)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 13:24—Temoso ee ea Jesu e bolela’ng? (“Ikitlaetseng ka matla” litlhaloso tsa Lu 13:24 tse ho nwtsty-E)
Lu 13:33—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bua ka taba ee? (“ha ho lumellehe” Litlhaloso tsa Lu 13:33 tse ho nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 12:22-40
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Memela motho eo u ntseng u bua le eena libokeng.
Leeto la Boraro la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u tla le sebelisa, e be u buella sengoliloeng se ithutoang.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) lv 184-185 ¶4-5
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Le Hoja ba ne ba Utloa e ka ha ba na Mang’oe, Jehova o ne a E-na le Bona: (15 mets.) Bapala video. Ka mor’a moo buisanang ka lipotso tse latelang:
Bahoeletsi baa ba bile le mathata afe?
Jehova o ile a ba hlokomela joang?
Bahoeletsi baa ba ile ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova joang ho sa tsotellehe mathata ao ba bileng le ’ona ’me seo se ile sa khothatsa ba bang joang?
Ke lintho life tseo re ka li etsetsang ba holileng le ba kulang ba phuthehong ea rona, e le ho bontša hore rea ba rata?
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 11 ¶1-9
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 5 le Thapelo