Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
July
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labobeli, la 24 July

Moo moea oa Jehova o leng teng, ho na le tokoloho.—2 Bakor. 3:17.

Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a sebelisa bolokolohi ba ho ikhethela ho hanela liteko tsa Diabolose. (Mat. 4:10) Bosiung ba pele a bolaoa, Jesu o ile a rapela ka tieo, a bontša hore o ikemiselitse ho etsa thato ea Molimo. O ile a re: “Ntate, haeba u lakatsa, tlosa senoelo sena ho ’na. Leha ho le joalo, ho ke ho etsahale thato ea hao, eseng ea ka.” (Luka 22:42) E se eka re ka etsisa Jesu ka ho sebelisa bolokolohi ba rona ba ho ikhethela ho tlotlisa Jehova le ho etsa thato ea hae! Na re ka khona ho etsa seo? E, re ka khona ho etsisa mohlala oa Jesu, hobane le rona re entsoe ka setšoantšo sa Molimo. (Gen. 1:26) Leha ho le joalo, re behetsoe meeli. Ha re na bolokolohi bo lekanang le ba Jehova. Bibele e re Jehova o re behetse meeli e loketseng, ’me re lokela ho e hlompha. Ka mohlala, basali ba lokela ho ipeha tlas’a banna ba bona, le bana ba hlomphe batsoali.—Baef. 5:22; 6:1. w17.01 2:4, 5

La 23-29 July
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | July

La 23-29 July

Luka 12–13

  • Pina ea 4 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Le ba Bohlokoa ho Feta Lirobele Tse Ngata”: (10 min.)

    • Lu 12:6​—Le linonyana tse nyane, Molimo ha a li lebale (“lirobele” litlhaloso tsa Lu 12:6 tse ho nwtsty-E)

    • Lu 12:7—Tsela eo Jehova a re tsebang hantle ka eona e bontša hore oa re tsotella (“esita le moriri oa lihlooho tsa lona kaofela o baliloe” litlhaloso tsa Lu 12:7 tse ho nwtsty-E)

    • Lu 12:7—Jehova o nka e mong le e mong oa rona e le oa bohlokoa (cl 241 ¶4-5)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Lu 13:24—Temoso ee ea Jesu e bolela’ng? (“Ikitlaetseng ka matla” litlhaloso tsa Lu 13:24 tse ho nwtsty-E)

    • Lu 13:33—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bua ka taba ee? (“ha ho lumellehe” Litlhaloso tsa Lu 13:33 tse ho nwtsty-E)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 12:22-40

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Memela motho eo u ntseng u bua le eena libokeng.

  • Leeto la Boraro la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u tla le sebelisa, e be u buella sengoliloeng se ithutoang.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) lv 184-185 ¶4-5

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 116

  • Le Hoja ba ne ba Utloa e ka ha ba na Mang’oe, Jehova o ne a E-na le Bona: (15 mets.) Bapala video. Ka mor’a moo buisanang ka lipotso tse latelang:

    • Bahoeletsi baa ba bile le mathata afe?

    • Jehova o ile a ba hlokomela joang?

    • Bahoeletsi baa ba ile ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova joang ho sa tsotellehe mathata ao ba bileng le ’ona ’me seo se ile sa khothatsa ba bang joang?

    • Ke lintho life tseo re ka li etsetsang ba holileng le ba kulang ba phuthehong ea rona, e le ho bontša hore rea ba rata?

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 11 ¶1-9

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 5 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | May

BEKE EA LA 23-29 JULY, 2018

22 Tseba Sera sa Hao

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela