Labone, la 26 July
’Na ke monyenyane.—Baahl. 6:15.
Gideone o ile a itlhalosa hore ke motho oa boemo bo tlaase. Ka mor’a hore Gideone a amohele kabelo e tsoang ho Jehova, o ile a etsa bonnete ba hore o utloisisa seo a lokelang ho se etsa, ’me a itšetleha ka tataiso ea Jehova. (Baahl. 6:36-40) Gideone o ne a le matla, ebile a le sebete. Empa o ile a etsa lintho ka masene. (Baahl. 6:11, 27) Ha aa ka a sebelisa kabelo ea hae hore a iphumanele botumo. Ho e-na le hoo, ha a phethile kabelo eo Jehova a mo fileng eona, o ile a khutlela moo a tsoang teng. (Baahl. 8:22, 23, 29) Ho inyenyefatsa ha ho bolele hore re ke ke ra hahamalla ho fumana litokelo tse eketsehileng tsa tšebeletso, kapa ra li amohela. Mangolo a re khothalletsa hore re hatele pele. (1 Tim. 4:13-15) Empa na ho hlokahala hore re fumane kabelo e ncha e le hore re hatele pele? Che. Jehova a ka re thusa hore re hatele pele likabelong tseo re sebeletsang ho tsona hona joale. Re lokela ho tsoela pele ho ntlafatsa bokhoni boo Molimo a re fileng bona hore re etse mesebetsi e metle. w17.01 3:15, 16
La 23-29 July
Luka 12–13
Pina ea 4 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Le ba Bohlokoa ho Feta Lirobele Tse Ngata”: (10 min.)
Lu 12:6—Le linonyana tse nyane, Molimo ha a li lebale (“lirobele” litlhaloso tsa Lu 12:6 tse ho nwtsty-E)
Lu 12:7—Tsela eo Jehova a re tsebang hantle ka eona e bontša hore oa re tsotella (“esita le moriri oa lihlooho tsa lona kaofela o baliloe” litlhaloso tsa Lu 12:7 tse ho nwtsty-E)
Lu 12:7—Jehova o nka e mong le e mong oa rona e le oa bohlokoa (cl 241 ¶4-5)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 13:24—Temoso ee ea Jesu e bolela’ng? (“Ikitlaetseng ka matla” litlhaloso tsa Lu 13:24 tse ho nwtsty-E)
Lu 13:33—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bua ka taba ee? (“ha ho lumellehe” Litlhaloso tsa Lu 13:33 tse ho nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 12:22-40
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Memela motho eo u ntseng u bua le eena libokeng.
Leeto la Boraro la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u tla le sebelisa, e be u buella sengoliloeng se ithutoang.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) lv 184-185 ¶4-5
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Le Hoja ba ne ba Utloa e ka ha ba na Mang’oe, Jehova o ne a E-na le Bona: (15 mets.) Bapala video. Ka mor’a moo buisanang ka lipotso tse latelang:
Bahoeletsi baa ba bile le mathata afe?
Jehova o ile a ba hlokomela joang?
Bahoeletsi baa ba ile ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova joang ho sa tsotellehe mathata ao ba bileng le ’ona ’me seo se ile sa khothatsa ba bang joang?
Ke lintho life tseo re ka li etsetsang ba holileng le ba kulang ba phuthehong ea rona, e le ho bontša hore rea ba rata?
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 11 ¶1-9
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 5 le Thapelo