Labohlano, la 27 July
Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena. —1 Joh. 4:9.
Jehova o ile a itela haholo e le hore a fane ka thekollo. (1 Pet. 1:19) O ile a rata batho haholo hoo a ileng a tela Mora oa hae a le mong feela oa letsibolo hore a re shoele. Ka mantsoe a mang, Jesu o nketse Ntate oa rona oa pele Adama sebaka. (1 Bakor. 15:45) Ka ho etsa joalo, Jesu ha a re fe bophelo feela empa o re fa monyetla oa hore qetellong re boele re be karolo ea lelapa la Molimo. Ruri ka lebaka la sehlabelo sa Jesu, Jehova a ka amohela batho hape lelapeng la hae kantle le ho sekisetsa ho loka ha hae. Na ha ho thabise ho nahana ka nako eo bohle ba tšepahalang ba tla beng ba phethahetse? Ho tla ba le bonngoe karolong e leholimong le e lefatšeng ea lelapa la Molimo. Ka tsela eo, bohle re tla ba bana ba Molimo. (Bar. 8:21) Haeba re ananela thekollo re tla susumelletseha ho etsa sohle se matleng a rona ho thusa ba bang ho tseba hore le bona ba ka rua molemo mphong ena ea bohlokoa. w17.02 1:17, 19
La 23-29 July
Luka 12–13
Pina ea 4 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Le ba Bohlokoa ho Feta Lirobele Tse Ngata”: (10 min.)
Lu 12:6—Le linonyana tse nyane, Molimo ha a li lebale (“lirobele” litlhaloso tsa Lu 12:6 tse ho nwtsty-E)
Lu 12:7—Tsela eo Jehova a re tsebang hantle ka eona e bontša hore oa re tsotella (“esita le moriri oa lihlooho tsa lona kaofela o baliloe” litlhaloso tsa Lu 12:7 tse ho nwtsty-E)
Lu 12:7—Jehova o nka e mong le e mong oa rona e le oa bohlokoa (cl 241 ¶4-5)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 13:24—Temoso ee ea Jesu e bolela’ng? (“Ikitlaetseng ka matla” litlhaloso tsa Lu 13:24 tse ho nwtsty-E)
Lu 13:33—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bua ka taba ee? (“ha ho lumellehe” Litlhaloso tsa Lu 13:33 tse ho nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 12:22-40
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Memela motho eo u ntseng u bua le eena libokeng.
Leeto la Boraro la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u tla le sebelisa, e be u buella sengoliloeng se ithutoang.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) lv 184-185 ¶4-5
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Le Hoja ba ne ba Utloa e ka ha ba na Mang’oe, Jehova o ne a E-na le Bona: (15 mets.) Bapala video. Ka mor’a moo buisanang ka lipotso tse latelang:
Bahoeletsi baa ba bile le mathata afe?
Jehova o ile a ba hlokomela joang?
Bahoeletsi baa ba ile ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova joang ho sa tsotellehe mathata ao ba bileng le ’ona ’me seo se ile sa khothatsa ba bang joang?
Ke lintho life tseo re ka li etsetsang ba holileng le ba kulang ba phuthehong ea rona, e le ho bontša hore rea ba rata?
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 11 ¶1-9
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 5 le Thapelo