Labone, la 5 July
Barab’eso, le tsoele pele ho thaba, ho khutlisetsoa tseleng, ho tšelisoa, ho nahana ka tumellano, ho phela ka khotso.—2 Bakor. 13:11.
Moapostola Pauluse o ile a re ho Bakreste: “E le hore le lahle botho ba khale bo lumellanang le tsela ea lōna ea pele ea boitšoaro le bo ntseng bo bolisoa ho ea ka litakatso tsa bona tse thetsang; empa hore le nchafale matleng a susumetsang likelello tsa lona, le hore le apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.” (Baef. 4:22-24) Sena se bolela hore re lokela ho tsoela pele re ikitlaelletsa ho fetoha le ho ‘apara botho bo bocha.’ Ho sa tsotellehe hore na re na le lilemo tse kae re sebeletsa Jehova, re ntse re ka ithuta haholoanyane. Hape, Bibele e ka re thusa ho etsa liphetoho tse hlokahalang e le hore re be le kamano e haufi le Jehova. w16.05 4:8, 9
La 2-8 July
Luka 6-7
Pina ea 109 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“E-ba Seatla se Bulehileng”: (10 mets.)
Lu 6:37—Haeba re tšoarela batho le bona ba tl’a re tšoarela (“Tšoarela ba bang ’me le uena u tla tšoareloa” litlhaloso tsa Lu 6:37 tse ho nwtsty-E; w08 5/15 9 ¶13-14)
Lu 6:38—Re lokela ho itloaetsa ho fana (“Itloaetseng ho fana” litlhaloso tsa Lu 6:38 tse ho nwtsty-E)
Lu 6:38—Batho ba tla re lekanyetsa ka tekanyo eo re ba lekanyetsang ka eona (“likotleng” litlhaloso tsa Lu 6:38 tse ho nwtsty-E)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 6:12, 13—Jesu o behetse Bakreste mohlala ofe tabeng ea ha ba lokela ho etsa liqeto tse kholo? (w07 8/1 6 ¶1)
Lu 7:35—Mantsoe a Jesu a ka re thusa joang haeba re etselletsoa? (“bana ba bona” litlhaloso tsa Lu 7:35 tse ho nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 7:36-50
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala video ebe le buisana ka eona.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 185 ¶4-5
PHELA JOALOKA MOKRESTE
E-ba Seatla se Bulehileng Joaloka Jehova: (15 mets.) Bapala video. E be le buisana ka lipotso tse latelang:
Jehova le Jesu ba bontšitse joang hore ba seatla se bulehileng?
Jehova o re hlohonolofatsa joang ha re fana?
Ho bolela’ng ho tšoarela ka bolokolohi?
Ke ka litsela life re ka fanang ka nako ea rona?
Re ka etsa’ng hore re lule re babatsa batho ba bang?
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 10 ¶1-8
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 57 le Thapelo