Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
June
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labone, la 28 June

Hopolang ba etellang pele har’a lōna.—Baheb. 13:7.

Liithuti tsa Bibele li ile tsa theha mokhatlo o bitsoang Zion’s Watch Tower Tract Society ka 1884 e le hore li phatlalatse ’nete ea Bibele ka lipuo tse sa tšoaneng. Mor’abo rona Russell e ile ea e-ba mopresidente oa oona. E ne e le seithuti se hloahloa sa Bibele ’me a sa tšabe ho pepesa lithuto tsa bohata tse kang thuto ea Boraro bo Teroneng le ea hore moea ha o shoe. O ile a lemoha hore Kreste o tla khutla ka tsela e sa bonahaleng le hore “linako tse behiloeng tsa lichaba” li ne li tla fela ka 1914. (Luka 21:24) Mor’abo rona Russell o ile a tela nako, matla le chelete ea hae a sa itšiele letho, e le hore a ka bolella batho molaetsa oa Bibele. Ho hlakile hore ka nako eo ea bohlokoa, Mor’abo rona Russell o ne a sebelisoa ke Jehova le Jesu. Mor’abo rona Russell o ne a sa batle hore batho ba mo rorise. Ka 1896 o ile a re: “Ha re batle tlotla kapa tlhompho e feteletseng bakeng sa rona le lingoliloeng tsa rona, ebile ha re batle ho bitsoa Baruti kapa Mesuoe. Hape ha re batle hore leha e le mang a bitsoe ka lebitso la rona.” Hamorao o ile a re: “Ona ha se mosebetsi oa batho.” w17.02 4:8, 9

La 25 June–La 1 July
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | June

La 25 June–la 1 July

| Luka 4–5

  • Pina ea 37 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Hanela Liteko Joaloka Jesu”: (10 mets.)

    • Lu 4:1-4—Jesu o ile a hanela litakatso tsa nama (w13 8/15 25 ¶8)

    • Lu 4:5-8—Jesu ha a ka a hokoa-hokoa ke ho rata lintho tse bonahalang (w13 8/15 25 ¶10)

    • Lu 4:9-12—Jesu ha a ka a etsa lintho hore feela a bonoe ke batho [Bapala video ea Tora ea Tempele] (“Tora ea Tempele” litšoantšo tsa Lu 4:9, tse ho nwtsty-E; w13 8/15 26 ¶12)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Lu 4:17—Ke’ng e bontšang hore Jesu o ne a e-na le tsebo e batsi ea Lentsoe la Molimo? (“moqolo oa moprofeta Esaia” litlhaloso tsa Lu 4:17, tse ho nwtsty-E)

    • Lu 4:25—Komello e ile ea nka nako e kae mehleng ea Elia? (“ka lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng” litlhaloso tsa Lu 4:25, tse ho nwtsty-E)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Luka 4:31-44

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mo siele karete ea boitsebiso ea JW.ORG.

  • Leeto la Boraro la ho Boela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u tla le sebelisa e be u buella sengoliloeng se ithutoang.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) jl thuto ea 28

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 28

  • “E-ba Bohlale ha u Etsa Metsoalle Inthaneteng”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea E-ba Bohlale ha u Etsa Metsoalle Inthaneteng

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Khao. 9 ¶22-26 le lebokose le leqepheng la 109, le Sehlomathiso se leqepheng la 218-219

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 105 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | April

BEKE EA LA 25 JUNE, 2018–LA 1 July, 2018

20 ‘A re Khothatsaneng Kaha Letsatsi le Ntse le Atamela’

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela