Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
July
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Sontaha, la 8 July

Malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a maholimo kapa Mora, haese Ntate feela.—Mat. 24:36.

Jesu o ile a bua mantsoe ana ha a ntse a le lefatšeng. Empa ha Kreste a fihla leholimong, o ile a fuoa matla a hore a loantše lefatše la Satane. (Tšen. 19:11-16) Kahoo, hoa utloahala ho fihlela qeto ea hore hona joale Jesu oa tseba hore na Armagedone e tla tla neng. Empa rona ha re tsebe. Re lokela ho lula re lebetse ho fihlela matšoenyeho a maholo a qala. Ke khale Jehova a tseba hore na a tla tla neng. O behile nako eo bofelo bo tla tla ka eona. Oa tseba hore na ho setse nako e kae pele matšoenyeho a maholo a qala, ’me a tla tla ka nako e loketseng. (Hab. 2:1-3) Re tseba see joang? Lintho tseo Jehova a li buang li lula li etsahala ka nako eo a e behileng. Le rona re ka kholiseha hore tšepiso ea Jehova ea ho re sireletsa matšoenyehong a maholo e tla phethahala. Empa haeba re batla ho phonyoha timetso ea tsamaiso ena ea lintho, re lokela ho lula re lebetse. w16.07 2:4-6

La 2-8 July
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | July

La 2-8 July

Luka 6-7

  • Pina ea 109 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “E-ba Seatla se Bulehileng”: (10 mets.)

    • Lu 6:37—Haeba re tšoarela batho le bona ba tl’a re tšoarela (“Tšoarela ba bang ’me le uena u tla tšoareloa” litlhaloso tsa Lu 6:37 tse ho nwtsty-E; w08 5/15 9 ¶13-14)

    • Lu 6:38—Re lokela ho itloaetsa ho fana (“Itloaetseng ho fana” litlhaloso tsa Lu 6:38 tse ho nwtsty-E)

    • Lu 6:38—Batho ba tla re lekanyetsa ka tekanyo eo re ba lekanyetsang ka eona (“likotleng” litlhaloso tsa Lu 6:38 tse ho nwtsty-E)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Lu 6:12, 13—Jesu o behetse Bakreste mohlala ofe tabeng ea ha ba lokela ho etsa liqeto tse kholo? (w07 8/1 6 ¶1)

    • Lu 7:35—Mantsoe a Jesu a ka re thusa joang haeba re etselletsoa? (“bana ba bona” litlhaloso tsa Lu 7:35 tse ho nwtsty-E)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 7:36-50

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala video ebe le buisana ka eona.

  • Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 185 ¶4-5

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 108

  • E-ba Seatla se Bulehileng Joaloka Jehova: (15 mets.) Bapala video. E be le buisana ka lipotso tse latelang:

    • Jehova le Jesu ba bontšitse joang hore ba seatla se bulehileng?

    • Jehova o re hlohonolofatsa joang ha re fana?

    • Ho bolela’ng ho tšoarela ka bolokolohi?

    • Ke ka litsela life re ka fanang ka nako ea rona?

    • Re ka etsa’ng hore re lule re babatsa batho ba bang?

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 10 ¶1-8

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 57 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | April

BEKE EA LA 2-8 JULY, 2018

25 Bacha, Lulang le Rata Jehova

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela