Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
July
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Sontaha, la 1 July

Nketse ho ea ka se tsoileng molomong oa hao.—Baahl. 11:36.

Morali oa Jafeta o ile a tela ho ba le monna le bana e le hore a sebeletse Jehova. Re ka etsisa moea oa hae oa boitelo joang? Bacha ba bangata ba Bakreste ba khetha ho se kene lenyalong ’me banyalani ba bang ba khetha ho se be le bana, mohlomong ho fihlela ka nako e itseng. Hobane’ng? Hobane ba batla ho sebeletsa Jehova haholoanyane. Hape, Bakreste ba bangata ba holileng ba tela nako eo ba ka beng ba e qeta le bana ba bona le litloholo. Ho e-na le hoo, ba sebelisa nako le matla a bona tšebeletsong ea Jehova. Ba bang ba bona ba sebetsa libakeng tsa kaho kapa ba ea Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso, e be ba ea liphuthehong tse hlokang bahoeletsi ba eketsehileng. Ba bang ba etsa litlhophiso tsa hore ba eketse tšebeletso ea bona. Jehova a ke ke a lebala mosebetsi oo bahlanka ba hae ba tšepahalang ba o entseng ka lerato. (Baheb. 6:10-12) Uena u tla etsa joang? Na u tla itela e le hore u sebeletse Jehova haholoanyane? w16.04 1:16, 17

La 25 June–La 1 July
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | June

La 25 June–la 1 July

| Luka 4–5

  • Pina ea 37 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Hanela Liteko Joaloka Jesu”: (10 mets.)

    • Lu 4:1-4—Jesu o ile a hanela litakatso tsa nama (w13 8/15 25 ¶8)

    • Lu 4:5-8—Jesu ha a ka a hokoa-hokoa ke ho rata lintho tse bonahalang (w13 8/15 25 ¶10)

    • Lu 4:9-12—Jesu ha a ka a etsa lintho hore feela a bonoe ke batho [Bapala video ea Tora ea Tempele] (“Tora ea Tempele” litšoantšo tsa Lu 4:9, tse ho nwtsty-E; w13 8/15 26 ¶12)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Lu 4:17—Ke’ng e bontšang hore Jesu o ne a e-na le tsebo e batsi ea Lentsoe la Molimo? (“moqolo oa moprofeta Esaia” litlhaloso tsa Lu 4:17, tse ho nwtsty-E)

    • Lu 4:25—Komello e ile ea nka nako e kae mehleng ea Elia? (“ka lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng” litlhaloso tsa Lu 4:25, tse ho nwtsty-E)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Luka 4:31-44

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mo siele karete ea boitsebiso ea JW.ORG.

  • Leeto la Boraro la ho Boela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u tla le sebelisa e be u buella sengoliloeng se ithutoang.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) jl thuto ea 28

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 28

  • “E-ba Bohlale ha u Etsa Metsoalle Inthaneteng”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea E-ba Bohlale ha u Etsa Metsoalle Inthaneteng

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Khao. 9 ¶22-26 le lebokose le leqepheng la 109, le Sehlomathiso se leqepheng la 218-219

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 105 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | April

BEKE EA LA 25 JUNE, 2018–LA 1 July, 2018

20 ‘A re Khothatsaneng Kaha Letsatsi le Ntse le Atamela’

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela