Sontaha, la 12 August
Latsoang ’me le bone hore Jehova o molemo; Ho thaba monna ea shahlileng ea tšabelang ho eena. . . . ba mo tšabang ha ba haelloe ke letho.—Pes. 34:8, 9.
Bacha ba na le matla a hlokahalang e le hore ba ka khatha tema e kholo tšebeletsong ea Jehova. (Liprov. 20:29) Ba bang ba barab’abo rona ba Bethele ba ntseng ba le bacha, ba sebetsa moo ho hatisoang limakasine le moo ho kopanngoang Libibele le libuka tse thehiloeng Bibeleng. Bacha ba bangata ba kenya letsoho ha ho hahoa le ha ho lokisoa Liholo Tsa ’Muso. Ha ho e-na le likoluoa, bacha ba bangata ba thusa bara le barali babo rona ba nang le litsebo ho phallela ba hlokang. Hape, bacha ba bangata ba bo-pula-maliboho ba pakela batho ba linaheng tsa habo bona le ba buang lipuo tse ling. Mopesaleme o ile a bina a re: “Ha e le ba batlang Jehova, ba ke ke ba haelloa ke letho le molemo.” (Pes. 34:10) Ka sebele, Jehova a ke ke a soetsa ba mo sebeletsang ka cheseho. Re khona ‘ho latsoa le ho bona hore Jehova o molemo,’ ha re ntse re etsa sohle seo re ka se khonang tšebeletsong ea hae. Hape, re thaba haholo ha re sebeletsa Molimo ka pelo eohle. w16.08 3:5, 8
La 6-12 August
Luka 17-18
Pina ea 18 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“E-ba ea Lebohang”: (10 mets.)
Lu 17:11-14—Jesu o ile a folisa balepera ba leshome (“balepera ba leshome” litlhaloso tsa Lu 17:12, tse ho nwtsty-E; “le iponahatse ho baprista.” litlhaloso tsa Lu 17:14, tse ho nwtsty-E)
Lu 17:15, 16—Ke a le mong feela ho balepera bao ea ileng a khutla ho tla leboha Jesu
Lu 17:17, 18—Tlaleho ena e bontša bohlokoa ba ho leboha (w08 8/1 14-15 ¶8-9)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 17:7-10—’Moko taba oa papiso ee ea Jesu ke ofe? (“a se nang molemo” litlhaloso tsa Lu 17:10, tse ho nwtsty-E)
Lu 18:8—Ke tumelo ea mofuta ofe eo Jesu a neng a bua ka eona temaneng ee? (“tumelo ena” litlhaloso tsa Lu 18:8, tse ho nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 18:24-43
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) fg thuto ea 4 ¶1-2
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Hopolang Mosali oa Lota”: (15 mets.) Puisano.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 11 ¶20-22 le lebokose le leq. la 131
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 117 le Thapelo