Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
August
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Moqebelo, la 11 August

Mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae, haese ka lebaka la bohlola, ’me a nyala e mong oa feba.—Mat. 19:9.

Ho hlala ka molao empa molekane e mong a sa etsa bofebe ha ho lokolle motho hore a boele a nyale. Ke ’nete hore motho a ka ’na a khetha ho tšoarela molekane ea entseng bofebe haeba a bakile, joalokaha moprofeta Hosea a ile a tšoarela mosali oa hae Gomere ea neng a itšoere hampe. Jehova le eena o ile a tšoarela Baiseraele ba bakileng ka mor’a hore ba etse bofebe ba moea. (Hos. 3:1-5) Empa haeba motho a tseba hore molekane oa hae o entse bofebe ’me ka mor’a moo a khetha ho kopanela liphate le eena, seo se bontša hore o mo tšoaretse ’me ha a sa na lebaka la Mangolo la ho mo hlala. Ka mor’a hore Jesu a bue mantsoe a temaneng ea kajeno, o ile a bua ka “ba nang le mpho” ea ho lula e le masoha. A phaella ka ho re: “Ea ka e etsetsang sebaka a ke a e etsetse sebaka.” (Mat. 19:10-12) Ba bangata ba khethile ho lula e le masoha e le hore ba sebeletse Jehova ba se na litšitiso. Kahoo, rea ba babatsa. w16.08 1:15, 16

La 6-12 August
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | August

La 6-12 August

Luka 17-18

  • Pina ea 18 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “E-ba ea Lebohang”: (10 mets.)

    • Lu 17:11-14—Jesu o ile a folisa balepera ba leshome (“balepera ba leshome” litlhaloso tsa Lu 17:12, tse ho nwtsty-E; “le iponahatse ho baprista.” litlhaloso tsa Lu 17:14, tse ho nwtsty-E)

    • Lu 17:15, 16—Ke a le mong feela ho balepera bao ea ileng a khutla ho tla leboha Jesu

    • Lu 17:17, 18—Tlaleho ena e bontša bohlokoa ba ho leboha (w08 8/1 14-15 ¶8-9)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Lu 17:7-10—’Moko taba oa papiso ee ea Jesu ke ofe? (“a se nang molemo” litlhaloso tsa Lu 17:10, tse ho nwtsty-E)

    • Lu 18:8—Ke tumelo ea mofuta ofe eo Jesu a neng a bua ka eona temaneng ee? (“tumelo ena” litlhaloso tsa Lu 18:8, tse ho nwtsty-E)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 18:24-43

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.

  • Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) fg thuto ea 4 ¶1-2

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 39

  • “Hopolang Mosali oa Lota”: (15 mets.) Puisano.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 11 ¶20-22 le lebokose le leq. la 131

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 117 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | June

BEKE EA LA 6-12 AUGUST, 2018

3 “’Muso oa ka Hase Karolo ea Lefatše Lena”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela