Mantaha, la 20 August
Har’a lōna ho tla hlaha batho ’me ba bue lintho tse sothehileng hore ba ikhulele barutuoa ka mor’a bona.—Lik. 20:30.
Ka Pentekonta ea 33 C.E., Bajuda ba likete le basokolohi ba ile ba tlotsoa ka moea o halalelang. Bakreste bana ba ile ba fetoha “morabe o khethiloeng, baprista ba marena, sechaba se halalelang, batho bakeng sa letlotlo le khethehileng.” (1 Pet. 2:9, 10) Ha baapostola ba ntse ba le teng, ba ne ba hlokometse batho ba Molimo. Empa ka mor’a lefu la bona, ho ile ha hlaha batho ba buang “lintho tse sothehileng” e le hore “ba ikhulele barutuoa ka mor’a bona.” (2 Bathes. 2:6-8) Ba bang ba bona ba ne ba e-na le boikarabello ka phuthehong, e le baholo ’me hamorao ea e-ba “babishopo.” Ho ile ha qaleha sehlopha sa baruti, le hoja Jesu a ne a itse ho balateli ba hae: “Bohle le bara ba motho.” (Mat. 23:8) Banna ba hlaheletseng ba neng ba nkehile ke lifilosofi tsa Aristotle le Plato ba ile ba buella likhopolo tse fosahetseng tsa bolumeli, ’me butle-butle tsa nkela lithuto tse nepahetseng tsa Lentsoe la Molimo sebaka. w16.11 4:8
La 20-26 August
Luka 21–22
Pina ea 27 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Topollo ea Lōna ea Atamela”: (10 mets.)
Lu 21:25—Nakong ea matšoenyeho a maholo ho tla etsahala lintho tse tšosang (kr 226 ¶9)
Lu 21:26—Lira tsa Jehova li tla ilibana ke tšabo
Lu 21:27, 28—Ho tla ha Jesu ho tla lopolla batho ba tšepahalang (w16.01 10-11 ¶17; w15 7/15 13 ¶13)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 21:33—Mantsoe a Jesu a temaneng ee a lokela ho utloisisoa joang? (“Leholimo le lefatše li tla feta,” “ho hang mantsoe a ka a ke ke a feta” litlhaloso tsa Lu 21:33 tse ho nwtsty-E)
Lu 22:28-30—Jesu o entse selekane sefe, o se entse le bo-mang hona ke bakeng sa ho etsa’ng? (w14 10/15 16-17¶15-16)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 22:35-53
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mong’a ntlo oa hanyetsa.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Motho eo u mo etetseng o re o phathahane.
Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Litlhoko Tsa Phutheho (15 mets.)
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 12 ¶1-8
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 41 le Thapelo
BEKE EA LA 20-26 AUGUST, 2018
16 Lumella Melao le Melao-motheo ea Molimo Hore e Koetlise Letsoalo la Hao