Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
August
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labobeli, la 21 August

Le se ke la tlohela sebe hore se tsoele pele se busa e le morena ’meleng ea lōna.—Bar. 6:12.

Pele re e-ba Bakreste, ho ka etsahala hore ebe re entse lintho tse ngata tse mpe, re sa elelloe hore na Molimo o ikutloa joang ka tsona. Re ne re le joaloka “makhoba a ho se hloeke le a tlōlo ea molao.” Ho ka boleloa hore re ne re le “makhoba a sebe.” (Bar. 6:19, 20) Empa re ile ra ithuta ’nete ea Bibele, ra fetola bophelo ba rona, ra inehela ho Molimo ’me ra kolobetsoa. Re ile ra “lokolloa sebeng,” ’me ra fetoha “makhoba a ho loka.” (Bar. 6:17, 18) Empa re ka ‘tlohela sebe hore se tsoele pele se re busa’ ka ho etsa ntho efe kapa efe eo ’mele ea rona e sa phethahalang e re susumeletsang ho e etsa. Kaha ho ka etsahala hore re lumelle kapa re hanele sebe hore se re buse, re lokela ho ipotsa lipotso tse latelang: Ke’ng seo ke hlileng ke se labalabelang? Na ke lumella litakatso tsa ka hore li ntšusumelletse ho etsa se fosahetseng? Kapa na ke shoele mabapi le sebe? Sena se itšetlehile ka hore na re ananela hakae mosa oo Molimo a re bontšitseng ’ona ka ho re tšoarela libe.w16.12 1:11, 12

La 20-26 August
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | August

La 20-26 August

Luka 21–22

  • Pina ea 27 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Topollo ea Lōna ea Atamela”: (10 mets.)

    • Lu 21:25—Nakong ea matšoenyeho a maholo ho tla etsahala lintho tse tšosang (kr 226 ¶9)

    • Lu 21:26—Lira tsa Jehova li tla ilibana ke tšabo

    • Lu 21:27, 28—Ho tla ha Jesu ho tla lopolla batho ba tšepahalang (w16.01 10-11 ¶17; w15 7/15 13 ¶13)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Lu 21:33—Mantsoe a Jesu a temaneng ee a lokela ho utloisisoa joang? (“Leholimo le lefatše li tla feta,” “ho hang mantsoe a ka a ke ke a feta” litlhaloso tsa Lu 21:33 tse ho nwtsty-E)

    • Lu 22:28-30—Jesu o entse selekane sefe, o se entse le bo-mang hona ke bakeng sa ho etsa’ng? (w14 10/15 16-17¶15-16)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 22:35-53

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mong’a ntlo oa hanyetsa.

  • Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Motho eo u mo etetseng o re o phathahane.

  • Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 136

  • Litlhoko Tsa Phutheho (15 mets.)

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 12 ¶1-8

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 41 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | June

BEKE EA LA 20-26 AUGUST, 2018

16 Lumella Melao le Melao-motheo ea Molimo Hore e Koetlise Letsoalo la Hao

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela