Laboraro, la 22 August
Ho beha kelello moeeng ho bolela bophelo le khotso.—Bar. 8:6.
Re ka ba le khotso le ba malapa a rona le batho ba ka phuthehong. Rea utloisisa hore rona le balumeli-’moho le rona ha rea phethahala. Kahoo, ka linako tse ling mathata a ka hlaha ’me ha a se a le teng, re latela keletso ea Jesu e reng: “Etsa khotso le mor’eno.” (Mat. 5:24) Re nolofalloa ke ho bopa khotso hobane rea tseba hore Mokreste-’moho le rona o sebeletsa “Molimo ea fanang ka khotso.” (Bar. 15:33; 16:20) Kaha re “beha kelello moeeng,” re boetse re na le khotso le ’Mopi oa rona. Mantsoe a Esaia a sebetsang haholo ho rona hona joale, a re: “Ea pelo e tiileng u tla ’moloka khotsong e fetisisang, kahobane o u tšepile.”—Esa. 26:3, Bibele ea Sesotho; Bar. 5:1. w16.12 2:5, 18, 19
La 20-26 August
Luka 21–22
Pina ea 27 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Topollo ea Lōna ea Atamela”: (10 mets.)
Lu 21:25—Nakong ea matšoenyeho a maholo ho tla etsahala lintho tse tšosang (kr 226 ¶9)
Lu 21:26—Lira tsa Jehova li tla ilibana ke tšabo
Lu 21:27, 28—Ho tla ha Jesu ho tla lopolla batho ba tšepahalang (w16.01 10-11 ¶17; w15 7/15 13 ¶13)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 21:33—Mantsoe a Jesu a temaneng ee a lokela ho utloisisoa joang? (“Leholimo le lefatše li tla feta,” “ho hang mantsoe a ka a ke ke a feta” litlhaloso tsa Lu 21:33 tse ho nwtsty-E)
Lu 22:28-30—Jesu o entse selekane sefe, o se entse le bo-mang hona ke bakeng sa ho etsa’ng? (w14 10/15 16-17¶15-16)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 22:35-53
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mong’a ntlo oa hanyetsa.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Motho eo u mo etetseng o re o phathahane.
Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Litlhoko Tsa Phutheho (15 mets.)
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 12 ¶1-8
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 41 le Thapelo
BEKE EA LA 20-26 AUGUST, 2018
16 Lumella Melao le Melao-motheo ea Molimo Hore e Koetlise Letsoalo la Hao