Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
August
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labobeli, la 28 August

A re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea.—2 Bakor. 7:1.

Molula-Qhooa oa June 1 oa Senyesemane o ile oa botsa potso ena: “Na . . . batho ba sa khaotseng ho tsuba ba ka tšoaneleha ho kolobetsoa?” Karabo e ile ea re: “Bopaki bo tsoang ka Bibeleng bo bontša hore ha ba tšoanelehe.” Ka mor’a ho qotsa mangolo a ’maloa, Molula-Qhooa o ile oa hlalosa hore na ke hobane’ng ha motho ea sa khaotseng ho tsuba a lokela ho khaoloa. (1 Bakor. 5:7) E ile ea re: “Ho hang sehlopha se busang ha se iketsetse melao empa se nka melao ka Lentsoeng la Molimo.” Buka e itseng ea morao-rao ea United States e buang ka litaba tsa bolumeli e re: “Hangata baruti ba lula ba fetola lithuto tsa Bibele ka tsela e tla lumellana le litho tsa kereke ea bona hammoho le batho ba bang.” Na ho na le bolumeli bo bong ntle ho Lipaki Tsa Jehova, bo ikemiselitseng ho itšetleha ka Lentsoe la Molimo esita leha ho le boima ho etsa joalo? w17.02 4:15

La 27 August–La 2 September
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | August

La 27 August–la 2 September

Luka 23–24

  • Pina ea 130 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Ikemisetse ho Tšoarela”: (10 mets.)

    • Lu 23:34—Jesu o ile a tšoarela masole a Roma a ileng a mo khokhothela thupeng (cl 297 ¶16)

    • Lu 23:43—Jesu o ile a tšoarela e mong oa baetsi ba bobe (g 2/08 11 ¶5-6)

    • Lu 24:34—Jesu o ile a tšoarela Petrose (cl 297-298 ¶17-18)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Lu 23:31—Hantle-ntle Jesu o bua ka eng temaneng ee? (“ha sefate se le mongobo . . . ha se omeletse” litlhaloso tsa Lu 23:31 tse ho nwtsty-E)

    • Lu 23:33—Ke bopaki bofe ba baepolli ba lintho tsa khale bo pakang hore batho ba neng ba ahloletsoe lefu ba ne ba khokhotheloa thupeng ka lipekere? (“Sepekere Lesapong la Serethe” Litšoantšo tsa Lu 23:33 tse ho nwtsty-E)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 23:1-16

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Fa mong’a ntlo sengoliloeng se mo loketseng se hlahang ka har’a Lintho Tsa Bohlokoa Tseo re Rutang ka Tsona.

  • Leeto la Boraro la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u tla le sebelisa e be u buella sengoliloeng se ithutoang.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ho tlaase ho moo) fg thuto ea 4 ¶3-4

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 20

  • “Jesu o Shoetse le Mor’eno”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Bona Lintho tse Ntle ho ba Bang. (tlas’a BIBELE)

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 12 ¶9-14

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 82 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | June

BEKE EA LA 27 AUGUST, 2018–LA 2 SEPTEMBER, 2018

21 “Leseli la Lōna le ke le Khanye” e le Hore le Tlotlise Jehova

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela