Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
January
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Laboraro, la 14 January

Rorisang Jehova hobane lebitso la hae le tšoaneloa ke thoriso.—Pes. 96:8.

Thoriso ke eng? Ka Bibeleng, lentsoe “thoriso” le ka bolela ntho leha e le efe e etsang hore motho a tsotehe. Jehova o ile a bontša khanya ea hae e tsotehang matsatsi a seng makae feela ka mor’a hore a lopolle Baiseraele naheng ea Egepeta. Nahana ka ketsahalo ena: Baiseraele ba limilione ba bokane botlaseng ba Thaba ea Sinai ho ea kopana le Molimo oa bona. Leru le leholo, le letšo-letšo le koahetse thaba. Hang-hang, thaba eo e kubella mosi kahohle. Lefatše le reketla ka matla ’me ha le ntse le reketla joalo, ho ba le lialuma le mahalima le molumo o lerata haholo oa lenaka. (Ex. 19:​16-18; 24:17; Pes. 68:8) U se u ka inahanela feela hore na Baiseraele ba ile ba hlolloa hakaakang ha ba bona kamoo Jehova a leng matla kateng. Kajeno re rorisa Jehova ka ho bolella batho ba bang ka makhabane a hae le ka lintho tse hlollang tseo a li entseng. Re boetse re rorisa Molimo ka ho mo tlotlisa ka lintho tseo re li finyeletseng ka matla a hae.—Esa. 26:12. w25.01 2 ¶2-3

La 12-18 January
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tsebeletso—2026 | January

LA 12-18 JANUARY

ESAIA 21-23

Pina ea 120 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Re Ithuta’ng ho se Etsahalletseng Shebna?

(10 mets.)

Lula u ikokobelitse ha u fuoa boikarabelo bo eketsehileng (Esa 22:​15-19; w18.03 25 ¶7-9)

Haeba u lahleheloa ke boikarabelo bo itseng, ikemisetse ho lula u sebeletsa Jehova ka hohle kamoo u ka khonang kateng (Esa 36:3; w18.03 25 ¶10)

Haeba u motsoali kapa u moholo ’me u lokela ho fana ka khalemelo e thehiloeng Bibeleng, etsisa tsela eo Jehova a ileng a tšoara Shebna ka eona (w18.03 26 ¶11)

Litšoantšo: Mor’abo rona o fuoa keletso ’me oa e sebelisa. 1. O thatafalloa ke ho amohela keletso eo baholo ba babeli ba mo fileng eona. 2. O bala Bibele ’me o thuisa ka seo a se balileng. 3. O thabela tšimo le e mong oa baholo ba neng ba mo fa keletso.

Tsela e lerato eo Molimo a re khalemelang ka eona e re thusa hore re ntlafatse

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 21:1—Ke hobane’ng ha Bibele e re Babilona ke ‘lefeella la leoatle’? (w06 12/1 11 ¶2)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 23:​1-14 (th khaolo ea 5)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(1 mots.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Bua le motho ka tsela e tla mo thusa ho utloa hore u e mong oa Lipaki Tsa Jehova ntle le hore u bue le eena ka Bibele. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 4)

5. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Buisana le mong’a ntlo ka molaetsa o hlahang tlas’a lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 3)

6. Khutlela ho Batho

(2 mets.) KA NTLO LE NTLO. Mong’a ntlo o re o phathahane. (lmd thuto ea 7 ntlha ea 4)

7. Puo

(5 mets.) ijwyp sehlooho sa 71: Nka Khetha Role Model e Nepahetseng Joang? (th khaolo ea 9)

Monna o bontša monna e mong tsela ba le borokhong ’me ka tlas’a bona ho na le litsela tse rarahaneng. Batho ba ka tlas’a borokho ba ntse ba e-ea koana le koana ba batlana le tsela e nepahetseng.

Ho ba le motho ea u behelang mohlala o motle ho tla u thusa hore u finyelle lipakane tsa hao kapele

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 124

8. Litlhoko Tsa Phutheho

(15 mets.)

9. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 52-53

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 3 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2025 | November

Sehlooho se Ithutoang sa 45: Beke ea la 12-18 January, 2026

10 Lula u Thabile ha u Ntse u Hlokometse Moratuoa oa Hao

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela