Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
January
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Sontaha, la 4 January

Adama o phetse lilemo tse 930 eaba oa shoa.—Gen. 5:5.

Ha Jehova a ne a bopa monna oa pele le mosali oa pele, o ne a batla hore ba thabe. O ile a ba fa lehae le letle, a ba nyalisa a ba a ba fa mosebetsi o thabisang. Jehova o ne a batla hore ba tlatse lefatše ka bana ba bona ba be ba etse hore lefatše lohle e be paradeise joaloka serapa sa Edene. O ile a ba fa taelo e le ’ngoe feela e bonolo ’me o ile a ba hlokomelisa hore ha ba ne ba ka khetha ho se e mamele ba ne ba tla shoa. Rea tseba hore na ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo. Ho ile ha fihla lengeloi le khopo le neng le sa rate Molimo ebile le sa ba rate ’me la ba khelosa hore ba se ke ba mamela Molimo. Ka masoabi, Adama le Eva ba ile ba mamela lengeloi leo le khopo. Ba ile ba hloleha ho tšepa Ntate oa bona ea neng a ba rata eaba ba etsa sebe. Joalokaha re tseba, mantsoe a Jehova a ile a fela a phethahala. Ho tloha letsatsing leo ba entseng sebe ka lona, ba ile ba tlameha ho mamella litla-morao tsa sebe sa bona. Ba ile ba tsofala eaba qetellong baa shoa.—Gen. 1:​28, 29; 2:​8, 9, 16-18; 3:​1-6, 17-19, 24. w24.08 3 ¶3

La 29 December 2025–la 4 January 2026
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tsebeletso—2025 | November

LA 29 DECEMBER 2025–LA 4 JANUARY 2026

ESAIA 14-16

Pina ea 63 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Lira Tsa Batho ba Molimo li ke ke Tsa Tlohelloa Feela li sa Fuoa Kotlo

(10 mets.)

Motse oa Babilona o ne o tl’o timetsoa ka ho sa feleng ka lebaka la boikhohomoso (Esa 14:13-15, 22, 23; ip-1 180 ¶16; 184 ¶24)

Jehova o ne a tla thuhakanya Moasiria naheng ea hae (Esa 14:24, 25; ip-1 189 ¶1)

Jehova o ne a tla tlosa Moabe seriti (Esa 16:13, 14; ip-1 194 ¶12)

Litšoantšo: 1. Mabota a malelele le keiti e kenang ea motse oa khale oa Babilona. 2. Lithako tsa motse oa Babilona mehleng ena.

Left: C. Sappa/DeAgostini via Getty Images; right: Image © Homo Cosmicos/Shutterstock

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 14:1, 2—Ke joang batho ba Jehova ba ileng ba “hapa ba neng ba ba entse batlamuoa?” (w06 12/1 10 ¶11)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 16:1-14 (th khaolo ea 10)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 5)

5. Khutlela ho Batho

(4 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 4)

6. Puo

(5 mets.) ijwbq sehlooho sa 108: Boprofeta ke Eng? (th khaolo ea 14)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 2

7. Litlhoko Tsa Phutheho

(15 mets.)

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 48-49

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 21 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2025 | October

Sehlooho se Ithutoang sa 43: Beke ea la 29 December, 2025–la 4 January, 2026

24 Hopola ho Rapella Batho ba Bang

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela