Labohlano, la 27 March
Ba ile ba tsoela pele ba ntse ba sa utloisise ka likelellong tsa bona.—Mar. 6:52.
Ka mor’a hore Jesu a fepe sechaba, o ile a re barutuoa ba hae ba ee Kapernauma ka sekepe ’me eena a khutlela thabeng hobane a qoba hore sechaba se mo etse morena. (Joh. 6:16-20) Ha baapostola ba hae ba ntse ba khanna sekepe, ho ile ha tsoha sefefo se matla, sa etsa hore ho be le moea o matla le maqhubu a leoatle a matla. Ka mor’a moo, Jesu o ile a tla ho bona a tsamaea holim’a metsi ’me a re Petrose a tle ho eena. (Mat. 14:22-31) Ha Jesu a se a le ka har’a sekepe, sefefo se ile sa thola. Barutuoa ba ile ba re: “Kannete u Mor’a Molimo.” (Mat. 14:33) Empa ba ne ba ntse ba hloleha ho bona hore na seo a se entseng se kopana joang le mohlolo oo a neng a o entse pejana oa ho fepa sechaba. Mareka o tlatselletsa taba ena ha a re: “[Baapostola] ba makala haholo kaha ba ne ba sa utloisisa hore na mohlolo oo a o entseng ka mahobe o bolela’ng.” (Mar. 6:50-52) Barutuoa ba ne ba sa utloisise hore Jehova o ne a file Jesu matla a fetang a ho etsa mehlolo feela. w24.12 5 ¶7
LA 23-29 MARCH
ESAIA 48-49
Pina ea 89 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. Rua Molemo ka ho Mamela Jehova
(10 mets.)
Jehova o ruta batho ba hae (Esa 48:17; it “Morupeli, Ho Ruta” ¶2)
Re lokela ho khetha ho mamela Jehova (Esa 48:18a; ijwbq sehlooho sa 44 ¶2-3)
Haeba re khetha ho mamela Jehova, khotso ea rona e tla “tšoana le noka” le ho loka ha rona ho “tšoane le maqhubu a leoatle” (Esa 48:18b; lv 199 ¶8)
TLHALOSO: Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “khotso” le ka bolela ho phela hantle, ho sireletseha, ho ba le botsitso, ho thaba le ho utloana le batho.
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 49:8—Boprofeta boo bo phethahetse joang ka makhetlo a mararo? (it “Nako ea ho Bontša Mosa” ¶1-3)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 48:9-20 (th khaolo ea 11)
4. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Mema e mong oa lelapa ea seng a sa ee libokeng le tšimong puong e khethehileng le Sehopotsong. (lmd thuto ea 5 ntlha ea 3)
5. Khutlela ho Batho
(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Hlalosetsa motho ea batlang ho tla Sehopotsong hore na ho etsahala’ng Sehopotsong. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 3)
6. Khutlela ho Batho
(5 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Ka mor’a puo ea Sehopotso, araba lipotso tsa motho ea tlileng ea bontšang thahasello. (lmd thuto ea 8 ntlha ea 3)
Pina ea 107
7. U ka Etsa’ng Hore Letsatsi la Bohlokoa ka ho Fetisisa Selemong le u Tsoele Molemo?
(15 mets.) Puisano.
Ha re e-ea Sehopotsong selemo le selemo, re bontša hore re mamela taelo ea Jesu le ho ananela mpho ea tefo ea topollo eo Jehova a re fileng eona. (Lu 22:19) Hape, ketsahalo ena e re fa monyetla oa ho nahana kamoo Jehova le Mora oa hae ba re ratang kateng. (Gal 2:20; 1Jo 4:9, 10) Re ka etsa’ng hore re rue molemo mphong ee eo Jehova a re fileng eona? Re ka etsa’ng ho thusa batho ba thahasellang hore le bona ba rue molemo?
Letsatsi le letsatsi bala le ho thuisa ka ’malo oa Bibele oa Sehopotso
Nahanisisa ka tefo ea topollo le hore na u ka etsa’ng ho bontša hore oa e ananela
Etsa sohle seo u ka se khonang ho memela batho bao u ba tsebang, ba lelapa le baahisani puong e khethehileng le Sehopotsong
Amohela baeti ba tlileng Sehopotsong ka mofuthu. Ha u ntse u thusa batho bao u ba memmeng, u ka sheba le ba fumaneng memo ka nako ea letšolo ’me oa ba kopa hore ba lule le uena
Lula u itokiselitse ho araba lipotso tseo baeti ba ka li botsang
Ikemisetse ho amohela batho ba seng ba sa tle libokeng le tšimong. Ka ho khetheha baholo ba lokela ho lula ba itokiselitse ho amohela batho ba ileng ba tlosoa ka phuthehong
Shebellang VIDEO ea Jesu “o Tletse ho Batla le ho Pholosa se Neng se Lahlehile” ebe u botsa bamameli potso e latelang:
Ke hobane’ng ha e le ha bohlokoa hore re amohele ka mofuthu batho ba seng ba sa tle libokeng le tšimong ha ba tlile Sehopotsong?
8. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 72-73