Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
March
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Mantaha, la 30 March

Molimo o ile a re bontša hore oa re rata.—1 Joh. 4:9.

Tefo ea topollo ke mpho e kholo haholo eo Jehova a re fileng eona. (2 Bakor. 9:15) Kaha Jesu o ile a re shoela, re ka khona ho ba metsoalle ea Jehova. Hape re na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Re na le mabaka a mangata a ho leboha Jehova. O bontšitse hore o re rata haholo ka ho fana ka bophelo ba Mora oa hae e le tefo ea topollo. (Bar. 5:8) Jesu o ile a re re ikhopotse lefu la hae selemo le selemo e le hore re lule re ananela seo eena le Ntate oa hae ba re etselitseng sona. (Luka 22:​19, 20) Selemong sena, Sehopotso sa lefu la Jesu se tla tšoaroa ka Labone la la 2 April 2026. Ha ho pelaelo hore kaofela ha rona re ikemiselitse ho ba teng. Libeke pele ho Sehopotso le ka mor’a sona, re tla rua molemo haholo haeba re ipha nako ea ho nahanisisa ka seo Jehova le Mora oa hae ba re etselitseng sona. w25.01 20 ¶1-2

’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa la 10 Nisane) Johanne 12:​20-50

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2026 | January

Sehlooho se Ithutoang ka la 30 March, 2026–la 5 April, 2026

26 Ruta ’Nete ka Mosa

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela