Moqebelo, la 4 April
Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lona.—1 Pet. 2:21.
Re ka utloisisa haholoanyane lerato leo Jehova a re ratang ka lona ha re nahana ka seo a ileng a se tela e le hore re lopolloe. Satane o re ha ho mohlanka oa Molimo ea tla lula a tšepahala tlas’a maemo a boima. Ho tiisa hore Satane o leshano, Jehova o ile a lumella Jesu hore a utloisoe bohloko pele a shoa. (Jobo 2:1-5) Jehova o ne a shebile ha Jesu a ntse a rohakoa ke batho, a otloa ke masole, a khokhotheloa palong a bile a shoa ka sehloho. (Mat. 27:28-31, 39) O ne a e-na le matla a ho thibela lintho tseo kaofela ho etsahala. (Mat. 27:42, 43) Empa ha a ne a ka mo pholosa, Jesu a ka be a sa fana ka bophelo ba hae e le tefo ea topollo ’me re ne re tla sala re se na tšepo. Kahoo, Jehova o ile a lumella Mora oa hae ho mamella bohloko boo ho fihlela a shoa. w25.01 22 ¶7
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa la 15 Nisane) Matheu 27:62-66 (Ha Letsatsi le se le Liketse ka la 16 Nisane) Johanne 20:1