Sontaha, la 3 May
Jehova o re: “Tloong re lokiseng litaba.—Esa. 1:18.
Bahlanka ba bang ba Jehova ba lula ba tšoenyehile ka liphoso tseo ba ileng ba li etsa nakong e fetileng, ebang ke pele kapa ka mor’a hore ba kolobetsoe. Empa re lokela ho hopola hore Jehova o re file Mora oa hae hore a re shoele hobane a re rata haholo. Ka lebaka leo, re lokela hore re lule re kholisehile hore o batla hore re amohele mpho ena ea hae. Ebile o batla hore re lumele hore ka mor’a hore re “lokise litaba le eena,” o re leballa liphoso tsa rona. Re leboha Jehova hore ebe o re rata haholo hoo a lebalang liphoso tsa rona. Taba e ’ngoe e thabisang ke hore o lula a hopola lintho tse ntle tseo re li etsang. (Pes. 103:9, 12; Baheb. 6:10) Haeba u lula u tšoenyehile ka liphoso tseo u li entseng nakong e fetileng, leka ka matla ho nahana ka lintho tse ntle tseo u li etsang hona joale le tseo u tla li etsa nakong e tlang. U ke ke oa fetola lintho tseo u li entseng nakong e fetileng. Empa u ka khona ho thabisa Jehova le ho mo sebeletsa hona joale u be u lule u lebeletse hore litšepiso tsa hae li phethahale. w24.10 8 ¶8-9
LA 27 APRIL–LA 3 MAY
ESAIA 56-57
Pina ea 12 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. Re Thabela Hore Ebe Jehova ke Molimo oa Rona
(10 mets.)
Litšoantšo tse rapeloang li ke ke tsa thusa batho ba li rapelang (Esa 57:13; ip-2 269 ¶14-16)
Batho ba sa sebeletseng Jehova ha ba na khotso ebile ha ba utloane (Esa 57:20; w18.06 7 ¶16; it “Lefatše” ¶21)
Batho ba khopo ha ba na khotso (Esa 57:21; it “Khotso” ¶3)
IPOTSE: Ho ba le kamano e ntle le Jehova ho ka ntlafatsa bophelo ba ka joang?
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 56:6, 7—Boprofeta boo bo phethahala joang? (w07 1/15 10 ¶3; w06 11/1 27 ¶1)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 56:4-12 (th khaolo ea 5)
4. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Bolella motho eo u buang le eena ka ntho eo u ithutileng eona ha u ne u le libokeng. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 4)
5. Hlalosa Seo u se Lumelang
(5 mets.) Puo. ijwbq sehlooho sa 90: Na Hoa Hlokahala Hore Motho e be Setho sa Bolumeli bo Itseng? (th khaolo ea 16)
6. Ha u Etsa Barutuoa
Pina ea 58
7. U se ke oa Khaotsa ho Bua ka Jehova
(15 mets.) Puisano.
Batho ba sa sebeletseng Jehova ha ba na tataiso ea sebele e ka ba thusang, ha ba na morero bophelong ebile ha ba na tšepo. Ho ntse ho le joalo, ba bangata ba hana ho mamela molaetsa oa ’Muso hobane ba sa tsebe hore ho tseba ’nete ho tla ba tsoela molemo hakae. A re boneng a mang a mabaka a etsang hore re se ke ra nyahama kapa hona ho tela ha batho ba sa re mamele.—Moe 11:6.
Ho ba le batho ba bacha sebakeng seo re sebetsang tšimo ho sona. Batho ba neng ba sa thahaselle ba ka falla ebe ba bacha bona ba thabela ho mamela
Re ka bua le motho ea fapaneng ha re fihla ntlong. Ho ka hlaha nkhono kapa ntate-moholo, ngoana ea seng a holile, motho ea seng a lula le lelapa leo kapa moeti
Batho baa fetoha. (1Ti 1:13) Batho ba ka batla ho mamela ka lebaka la maemo a lefatše a ntseng a mpefala kapa hobane ba ile ba etsahalloa ke lintho tse bohloko
Re bontša hore re rata Jehova ka hore re se ke ra khaotsa ho bolella batho ka eena.—Lu 6:45; 1Jo 5:3
Shebellang VIDEO ea Jehova “ha a Hole le Rona” ebe u botsa bamameli potso ena:
Ke hobane’ng ha re sa lokela ho nyahamela ho bolella batho ka Jehova le ha ho le thata?
8. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 80-81
Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | le Thapelo
Sehlooho se Ithutoang ka la 27 April, 2026–la 3 May, 2026
20 Itokisetse Mathata ao u Tla Kopana le ’Ona ka Mor’a Kolobetso