Sontaha, la 13 June
Bohlale ke tšireletso joalokaha chelete e le tšireletso; empa molemo oa tsebo ke hore bohlale bo boloka ba nang le bona ba phela.—Moek. 7:12.
Qalong, batho ba bangata ba thabela ho ithuta Bibele hobane ba khahliloe ke Mangolo a ba thusang hore na ba phele joang. Morali’abo rona e mong oa New York ea atisang ho etela batho ba buang Sechaena o re: “Ke leka ka hohle ho ba bontša hore kea ba thahasella hape ke ba mamela ka hloko. Ha ke hlokomela hore ba sa tsoa fihla koano, ke ee ke re: ‘Ho joang moo? Na u se u fumane mosebetsi? Baahisane ba hao ba u tšoere joang?’ ” Ka linako tse ling, moqoqo oo o mo thusa hore a bue le bona ka Bibele. Ha maemo a mo lumella, morali’abo rona o ee a re: “U nahana hore ke’ng e ka re thusang hore re phelisane hantle le batho ba bang? Na nka u bontša maele a mang a Bibele? A re: ‘Tšimoloho ea ho hloka kutloano e joaloka ea bulelang metsi; kahoo pele qabang e qhoma, u itsamaele.’ Na u nahana hore keletso ee e ka re thusa hore re phelisane hantle le batho ba bang?” (Liprov. 17:14) Meqoqo ena e ka re thusa ho fumana batho ba batlang ho ithuta ka ho eketsehileng. w19.07 23 ¶13
Mantaha, la 14 June
Ho tla ba joang ka a le mong feela ea oang ha ho se na e mong ea mo emisang?—Moek. 4:10.
Batho ba abetsoeng kabelong e ncha ba thabela ho bona hore re utloisisa boemo ba bona. E ka ’na eaba baa kula, kapa ho na le mong ka bona ea kulang. E ka ’na eaba ba ntse ba siame. Hape, le hoja ba sa bue, e ka ’na eaba ba ntse ba utloile bohloko hobane ba hopotse metsoalle ea bona eo ba e siileng morao. Ho nka nako pele bohloko boo bo ka fela. Haeba u tsamaea le bona tšimong ’me u ba khothatsa ka mohlala oa hao o motle, u ka ba thusa hore ba etse liphetoho. Morali’abo rona e mong ea sebelelitseng naheng e ’ngoe ka lilemo tse ngata o re: “Ha ke ne ke le kabelong ea ka, ke ne ke e-na le batho bao ke ithutang Bibele le bona letsatsi le leng le le leng. Kabelong e ncha, ho ne ho se ho le thata le hore ke balle motho temana e le ’ngoe feela, kapa ke mo shebellise video ha ke le tšimong. Empa bara le barali babo rona ba mona, ba ile ba nkopa hore ke tsamaee le bona ha ba ea maetong a ho boela le lithutong. Taba ena e ile ea etsa hore ke fetole maikutlo a ka ka tšimo ea mona. Ke ile ka ithuta litsela tse ncha tsa ho qala moqoqo. Lintho tsena kaofela li ile tsa nthusa hore ke boele ke thabe.” w19.08 22 ¶10; 24 ¶13-14
Labobeli, la 15 June
Evodia kea mo eletsa le Syntike kea mo eletsa hore ba be le kelello e tšoanang Moreneng.—Bafil. 4:2.
Joaloka Evodia le Syntike, le rona re ka thatafalloa ho rata bara le barali babo rona haeba re tloaetse ho shebana le liphoso tsa bona. Kaofela ha rona re etsa liphoso letsatsi le letsatsi. Ha re lula re shebane le liphoso tsa bona, re ka qetella re se re sa ba rate. Mohlala, re ka ’na ra koatela mor’abo rona haeba a lebetse hore o lokela ho hloekisa Holong. Ha re lula re nahana ka liphoso tseo a li entseng, re ka ’na ra qetella re mo hloile. Haeba ho na le motho eo u nang le bothata le eena phuthehong ea heno, e ka ba hantle hore u hopole taba ena: Jehova o tseba mefokolo ea rona ho akareletsa le ea Mokreste-’moho le uena. Leha ho le joalo, o re rata kaofela ha rona. Ka lebaka leo, re lokela ho etsisa Jehova ka hore re rate bara le barali babo rona re be re lule re nahana ka lintho tse ntle tseo ba li etsang. Ha re leka ka matla hore re rate Bakreste-’moho le rona, re tla momahana haholoanyane.—Bafil. 2:1, 2. w19.08 9-10 ¶7-8