Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Moqebelo, la 12 June

Ha le kena motseng kapa motsaneng ofe kapa ofe, le batle hore na ke mang ho oona ea tšoanelehang, ’me le lule moo ho fihlela le tloha.​—Mat. 10:11.

Ke hobane’ng ha mosebetsi oa ho etsa batho barutuoa e le oa bohlokoa hakaale? Hobane ke balateli ba Kreste feela bao e ka bang metsoalle ea Molimo. Ho phaella moo, balateli ba Kreste ba phela ka tsela e molemo hona joale, ba bile ba na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng nakong e tlang. (Joh. 14:6; 17:3) Ho hlakile hore Jesu o re file mosebetsi oa bohlokoa haholo, empa ha re o etse re le bang. Moapostola Pauluse o kile a re ka eena le bo-mphato oa hae: “Re basebetsi-’moho le Molimo.” (1 Bakor. 3:9) Jehova le Jesu Kreste ba re file tlotla e kholo hakaakang! Mosebetsi oa boboleli o ka boetse oa re thabisa haholo. Mohato oa pele oa ho etsa batho barutuoa ke oa ho batla batho ba lakatsang ho ithuta ka Jehova. Ha re pakela motho e mong le e mong eo re kopanang le eena, re bontša hore re Lipaki Tsa Jehova. Ha re mamela taelo ea Jesu ea hore re etse batho barutuoa, re bontša hore re Bakreste ba ’nete. w19.07 15 ¶3-5

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Sontaha, la 13 June

Bohlale ke tšireletso joalokaha chelete e le tšireletso; empa molemo oa tsebo ke hore bohlale bo boloka ba nang le bona ba phela.​—Moek. 7:12.

Qalong, batho ba bangata ba thabela ho ithuta Bibele hobane ba khahliloe ke Mangolo a ba thusang hore na ba phele joang. Morali’abo rona e mong oa New York ea atisang ho etela batho ba buang Sechaena o re: “Ke leka ka hohle ho ba bontša hore kea ba thahasella hape ke ba mamela ka hloko. Ha ke hlokomela hore ba sa tsoa fihla koano, ke ee ke re: ‘Ho joang moo? Na u se u fumane mosebetsi? Baahisane ba hao ba u tšoere joang?’ ” Ka linako tse ling, moqoqo oo o mo thusa hore a bue le bona ka Bibele. Ha maemo a mo lumella, morali’abo rona o ee a re: “U nahana hore ke’ng e ka re thusang hore re phelisane hantle le batho ba bang? Na nka u bontša maele a mang a Bibele? A re: ‘Tšimoloho ea ho hloka kutloano e joaloka ea bulelang metsi; kahoo pele qabang e qhoma, u itsamaele.’ Na u nahana hore keletso ee e ka re thusa hore re phelisane hantle le batho ba bang?” (Liprov. 17:​14) Meqoqo ena e ka re thusa ho fumana batho ba batlang ho ithuta ka ho eketsehileng. w19.07 23 ¶13

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Mantaha, la 14 June

Ho tla ba joang ka a le mong feela ea oang ha ho se na e mong ea mo emisang?​—Moek. 4:10.

Batho ba abetsoeng kabelong e ncha ba thabela ho bona hore re utloisisa boemo ba bona. E ka ’na eaba baa kula, kapa ho na le mong ka bona ea kulang. E ka ’na eaba ba ntse ba siame. Hape, le hoja ba sa bue, e ka ’na eaba ba ntse ba utloile bohloko hobane ba hopotse metsoalle ea bona eo ba e siileng morao. Ho nka nako pele bohloko boo bo ka fela. Haeba u tsamaea le bona tšimong ’me u ba khothatsa ka mohlala oa hao o motle, u ka ba thusa hore ba etse liphetoho. Morali’abo rona e mong ea sebelelitseng naheng e ’ngoe ka lilemo tse ngata o re: “Ha ke ne ke le kabelong ea ka, ke ne ke e-na le batho bao ke ithutang Bibele le bona letsatsi le leng le le leng. Kabelong e ncha, ho ne ho se ho le thata le hore ke balle motho temana e le ’ngoe feela, kapa ke mo shebellise video ha ke le tšimong. Empa bara le barali babo rona ba mona, ba ile ba nkopa hore ke tsamaee le bona ha ba ea maetong a ho boela le lithutong. Taba ena e ile ea etsa hore ke fetole maikutlo a ka ka tšimo ea mona. Ke ile ka ithuta litsela tse ncha tsa ho qala moqoqo. Lintho tsena kaofela li ile tsa nthusa hore ke boele ke thabe.” w19.08 22 ¶10; 24 ¶13-14

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela