Labobeli, la 15 June
Evodia kea mo eletsa le Syntike kea mo eletsa hore ba be le kelello e tšoanang Moreneng.—Bafil. 4:2.
Joaloka Evodia le Syntike, le rona re ka thatafalloa ho rata bara le barali babo rona haeba re tloaetse ho shebana le liphoso tsa bona. Kaofela ha rona re etsa liphoso letsatsi le letsatsi. Ha re lula re shebane le liphoso tsa bona, re ka qetella re se re sa ba rate. Mohlala, re ka ’na ra koatela mor’abo rona haeba a lebetse hore o lokela ho hloekisa Holong. Ha re lula re nahana ka liphoso tseo a li entseng, re ka ’na ra qetella re mo hloile. Haeba ho na le motho eo u nang le bothata le eena phuthehong ea heno, e ka ba hantle hore u hopole taba ena: Jehova o tseba mefokolo ea rona ho akareletsa le ea Mokreste-’moho le uena. Leha ho le joalo, o re rata kaofela ha rona. Ka lebaka leo, re lokela ho etsisa Jehova ka hore re rate bara le barali babo rona re be re lule re nahana ka lintho tse ntle tseo ba li etsang. Ha re leka ka matla hore re rate Bakreste-’moho le rona, re tla momahana haholoanyane.—Bafil. 2:1, 2. w19.08 9-10 ¶7-8
Laboraro, la 16 June
Jehova . . . o bona ea ikokobetsang.—Pes. 138:6.
Jehova o rata batho ba ikokobelitseng. Ke batho ba ikokobelitseng feela ba ka khonang ho ba le kamano e ntle le eena. Empa ba ‘iphahamisang o ba tsebella hole.’ Kaofela ha rona re batla ho thabisa Jehova e le hore a re rate, kahoo re na le mabaka a utloahalang a ho loanela ho ba batho ba ikokobelitseng. Motho ea ikokobelitseng ha a inke a phahametse batho ba bang hape ha a ikhohomose. Oa utloisisa hore Jehova ke eena ea phahameng ka ho fetisisa hape motho eo o utloisisa boemo ba batho ba bang. O boetse ka tsela e itseng oa lumela hore batho ba bang ba mo phahametse. (Bafil. 2:3, 4.) Batho ba bang ba bonahala eka ba ikokobelitse empa ho se joalo. Ba ka ’na ba bonahala e le batho ba lihlong kapa ba thotseng. Hape ba bonahala eka ke batho ba hlomphang le ba nahanelang ka lebaka la setso sa bona le tsela eo ba holisitsoeng ka eona. Empa botebong ba lipelo tsa bona, ho ka etsahala hore ebe ke batho ba ikhohomosang. Ho e-s’o ee kae, ba tla u bontša hore na ke bo-mang.—Luka 6:45. w19.09 2 ¶1, 3-4
Labone, la 17 June
[O tlisa] phetetso holim’a . . . ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rona Jesu.—2 Bathes. 1:8.
“Litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rona Jesu” li akareletsa lithuto tsa hae. Re mamela lithuto tsa Jesu ka hore re li sebelise bophelong ba rona. Re boetse re etsa hore mosebetsi oa Jehova o tle pele bophelong ba rona. Re ikobela melao ea hae hape re ruta batho ka ’Muso oa hae. (Mat. 6:33; 24:14) Hape re mamela lithuto tsa Jesu ka hore re tšehetse barab’abo ha ba ntse ba etsa mosebetsi oa bona oa bohlokoa. (Mat. 25:31-40) Haufinyane, batlotsuoa ba tla leboha barab’abo bona ba “linku tse ling” ka hore ebe ba ile ba ba mosa ho bona. (Joh. 10:16) Ba tla ba leboha joang? Pele ntoa ea Armagedone e qala, ba 144 000 ba tla be ba le leholimong e le bara ba Molimo ba fuoeng ’mele oa ho se shoe. Ka nako eo, e tla be e le karolo ea mabotho a leholimo a tla timetsa Gogo le ho sireletsa “bongata bo boholo” ba batho ba Jehova. (Tšen. 2:26, 27; 7:9, 10) Kannete bongata bo boholo bo tla thaba hore ebe bo ile ba tšehetsa batlotsuoa ba Jehova ha ba ntse ba le mona lefatšeng! w19.09 12-13 ¶16-18