Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Laboraro, la 16 June

Jehova . . . o bona ea ikokobetsang.​—Pes. 138:6.

Jehova o rata batho ba ikokobelitseng. Ke batho ba ikokobelitseng feela ba ka khonang ho ba le kamano e ntle le eena. Empa ba ‘iphahamisang o ba tsebella hole.’ Kaofela ha rona re batla ho thabisa Jehova e le hore a re rate, kahoo re na le mabaka a utloahalang a ho loanela ho ba batho ba ikokobelitseng. Motho ea ikokobelitseng ha a inke a phahametse batho ba bang hape ha a ikhohomose. Oa utloisisa hore Jehova ke eena ea phahameng ka ho fetisisa hape motho eo o utloisisa boemo ba batho ba bang. O boetse ka tsela e itseng oa lumela hore batho ba bang ba mo phahametse. (Bafil. 2:​3, 4.) Batho ba bang ba bonahala eka ba ikokobelitse empa ho se joalo. Ba ka ’na ba bonahala e le batho ba lihlong kapa ba thotseng. Hape ba bonahala eka ke batho ba hlomphang le ba nahanelang ka lebaka la setso sa bona le tsela eo ba holisitsoeng ka eona. Empa botebong ba lipelo tsa bona, ho ka etsahala hore ebe ke batho ba ikhohomosang. Ho e-s’o ee kae, ba tla u bontša hore na ke bo-mang.​—Luka 6:​45. w19.09 2 ¶1, 3-4

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Labone, la 17 June

[O tlisa] phetetso holim’a . . . ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rona Jesu.​—2 Bathes. 1:8.

“Litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rona Jesu” li akareletsa lithuto tsa hae. Re mamela lithuto tsa Jesu ka hore re li sebelise bophelong ba rona. Re boetse re etsa hore mosebetsi oa Jehova o tle pele bophelong ba rona. Re ikobela melao ea hae hape re ruta batho ka ’Muso oa hae. (Mat. 6:​33; 24:​14) Hape re mamela lithuto tsa Jesu ka hore re tšehetse barab’abo ha ba ntse ba etsa mosebetsi oa bona oa bohlokoa. (Mat. 25:​31-40) Haufinyane, batlotsuoa ba tla leboha barab’abo bona ba “linku tse ling” ka hore ebe ba ile ba ba mosa ho bona. (Joh. 10:​16) Ba tla ba leboha joang? Pele ntoa ea Armagedone e qala, ba 144 000 ba tla be ba le leholimong e le bara ba Molimo ba fuoeng ’mele oa ho se shoe. Ka nako eo, e tla be e le karolo ea mabotho a leholimo a tla timetsa Gogo le ho sireletsa “bongata bo boholo” ba batho ba Jehova. (Tšen. 2:​26, 27; 7:​9, 10) Kannete bongata bo boholo bo tla thaba hore ebe bo ile ba tšehetsa batlotsuoa ba Jehova ha ba ntse ba le mona lefatšeng! w19.09 12-13 ¶16-18

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Labohlano, la 18 June

Le tla fumanela meea ea lona khatholoho.​—Mat. 11:29.

Ke hobane’ng ha re khatholoha ha re etsa mosebetsi oo Jesu a re fileng oona? Hobane re na le benghali ba molemo ka ho fetisisa. Le hoja Jehova a phahametse lintho tsohle, ha se Monghali ea khopo le ea se nang teboho. O ananela mosebetsi oo re o etsang. (Baheb. 6:​10) Hape o re fa matla a ho phetha mosebetsi oo a re fileng oona. (2 Bakor. 4:7; Bagal. 6:5) Morena oa rona Jesu o re behetse mohlala oa kamoo re lokelang ho tšoara batho ba bang kateng. (Joh. 13:​15) Le baholo ba re etellang pele ba leka ho etsisa Jesu “molisa e moholo.” (Baheb. 13:​20; 1 Pet. 5:2) Ba ikitlaeletsa ho ba mosa, ho re khothatsa le ho ba sebete ha ba ntse ba re hlokomela le ho re sireletsa. Re boetse re na le metsoalle ea bohlokoa. Ha ho na batho ba nang le metsoalle e lerato le mosebetsi o khotsofatsang joaloka rona. Nahana feela, re sebetsa le bara le barali babo rona ba itšoereng hantle ebile ba sa inke ba phahametse batho ba bang. Ba nka batho ba bang ba ba phahametse. Ho bona ha re basebetsi-’moho feela empa hape re metsoalle. Lerato leo ba re ratang ka lona le matla hoo ba ikemiselitseng ho re shoela. w19.09 20 ¶1; 23 ¶12-14

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela