Labohlano, la 18 June
Le tla fumanela meea ea lona khatholoho.—Mat. 11:29.
Ke hobane’ng ha re khatholoha ha re etsa mosebetsi oo Jesu a re fileng oona? Hobane re na le benghali ba molemo ka ho fetisisa. Le hoja Jehova a phahametse lintho tsohle, ha se Monghali ea khopo le ea se nang teboho. O ananela mosebetsi oo re o etsang. (Baheb. 6:10) Hape o re fa matla a ho phetha mosebetsi oo a re fileng oona. (2 Bakor. 4:7; Bagal. 6:5) Morena oa rona Jesu o re behetse mohlala oa kamoo re lokelang ho tšoara batho ba bang kateng. (Joh. 13:15) Le baholo ba re etellang pele ba leka ho etsisa Jesu “molisa e moholo.” (Baheb. 13:20; 1 Pet. 5:2) Ba ikitlaeletsa ho ba mosa, ho re khothatsa le ho ba sebete ha ba ntse ba re hlokomela le ho re sireletsa. Re boetse re na le metsoalle ea bohlokoa. Ha ho na batho ba nang le metsoalle e lerato le mosebetsi o khotsofatsang joaloka rona. Nahana feela, re sebetsa le bara le barali babo rona ba itšoereng hantle ebile ba sa inke ba phahametse batho ba bang. Ba nka batho ba bang ba ba phahametse. Ho bona ha re basebetsi-’moho feela empa hape re metsoalle. Lerato leo ba re ratang ka lona le matla hoo ba ikemiselitseng ho re shoela. w19.09 20 ¶1; 23 ¶12-14
Moqebelo, la 19 June
Ha le lefifing, hoo letsatsi leo le ka le fihlelang joalokaha le ne le tla fihlela masholu.—1 Bathes. 5:4.
Lengolong lena, Pauluse o bua ka “letsatsi la Jehova.” (1 Bathes. 5:1-6) Poleloana e reng “letsatsi la Jehova” litemaneng tsena, e bua ka nako ea ha “Babylona e Moholo,” e leng bolumeli ba bohata, a hlaseloa ho fihlela ha Armagedone e fihla. (Tšen. 16: 14, 16; 17:5) Pauluse o boetse oa re bolella hore na re lokela ho etsa’ng e le hore “letsatsi la Jehova” le re fumane re le malala-a-laotsoe. O re ha re ea lokela ho “robala joalokaha ba bang kaofela ba tsoela pele ho robala.” Ho e-na le hoo, o re re lule “re falimehile,” re be hlokolosi hore re se ke ra itšunya-tšunya litabeng tsa lipolotiki. Ho seng joalo, re tla ba “karolo ea lefatše.” (Joh. 15:19) Rea tseba hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla tlisa khotso. Re boetse re batla ho thusa batho ba bang hore le bona ba falimehele lintho tseo Bibele e ileng ea re li tla etsahala mehleng ena. Hang ha matšoenyeho a maholo a qala, ho tla be ho se ho se na nako ea hore batho ba ithute ka Jehova. Ke kahoo ho leng bohlokoa hore re bolele litaba tse molemo ka matla hona joale. w19.10 8 ¶3; 9 ¶5-6
Sontaha, la 20 June
Inkele moqolo oa buka, ’me u ngole ho oona mantsoe ’ohle ao ke u boleletseng ’ona khahlanong le Iseraele le khahlanong le Juda.—Jer. 36:2.
Ka mor’a hore ba qete ho ngola moqolo oo, Jeremia o ile a tlameha ho tšepa Baruke hore o tla bolella batho molaetsa oo. (Jer. 36:5, 6) Ka sebete Baruke o ile a phetha mosebetsi oo o kotsi. Mohlomong Jeremia o ile a ikutloa a le motlotlo haholo ha Baruke a ea tempeleng ’me a balla batho moqolo oo. (Jer. 36:8-10) Likhosana tsa Juda li ile tsa utloela ka seo Baruke a se entseng eaba li re a balle moqolo oo holimo moo li ntseng li utloa. (Jer. 36:14, 15) Likhosana tseo li ile tsa etsa qeto ea ho bolella Morena Jojakime hore na Jeremia o itseng. Ha Morena Jojakime a utloa mantsoe ao a Jeremia o ile a halefa hoo a ileng a chesa moqolo oo eaba o fana ka taelo ea hore Jeremia le Baruke ba tšoaroe. Leha ho le joalo, Jeremia o ile a nka moqolo o mong eaba o o fa Baruke ’me a mo phetela hape mantsoe a Jehova. Baruke o ile a ngola mantsoe ’ohle “a neng a le moqolong oa pele, oo Jojakime morena oa Juda a o chesitseng.”—Jer. 36:26-28, 32. w19.11 3-4 ¶4-6