Moqebelo, la 19 June
Ha le lefifing, hoo letsatsi leo le ka le fihlelang joalokaha le ne le tla fihlela masholu.—1 Bathes. 5:4.
Lengolong lena, Pauluse o bua ka “letsatsi la Jehova.” (1 Bathes. 5:1-6) Poleloana e reng “letsatsi la Jehova” litemaneng tsena, e bua ka nako ea ha “Babylona e Moholo,” e leng bolumeli ba bohata, a hlaseloa ho fihlela ha Armagedone e fihla. (Tšen. 16: 14, 16; 17:5) Pauluse o boetse oa re bolella hore na re lokela ho etsa’ng e le hore “letsatsi la Jehova” le re fumane re le malala-a-laotsoe. O re ha re ea lokela ho “robala joalokaha ba bang kaofela ba tsoela pele ho robala.” Ho e-na le hoo, o re re lule “re falimehile,” re be hlokolosi hore re se ke ra itšunya-tšunya litabeng tsa lipolotiki. Ho seng joalo, re tla ba “karolo ea lefatše.” (Joh. 15:19) Rea tseba hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla tlisa khotso. Re boetse re batla ho thusa batho ba bang hore le bona ba falimehele lintho tseo Bibele e ileng ea re li tla etsahala mehleng ena. Hang ha matšoenyeho a maholo a qala, ho tla be ho se ho se na nako ea hore batho ba ithute ka Jehova. Ke kahoo ho leng bohlokoa hore re bolele litaba tse molemo ka matla hona joale. w19.10 8 ¶3; 9 ¶5-6
Sontaha, la 20 June
Inkele moqolo oa buka, ’me u ngole ho oona mantsoe ’ohle ao ke u boleletseng ’ona khahlanong le Iseraele le khahlanong le Juda.—Jer. 36:2.
Ka mor’a hore ba qete ho ngola moqolo oo, Jeremia o ile a tlameha ho tšepa Baruke hore o tla bolella batho molaetsa oo. (Jer. 36:5, 6) Ka sebete Baruke o ile a phetha mosebetsi oo o kotsi. Mohlomong Jeremia o ile a ikutloa a le motlotlo haholo ha Baruke a ea tempeleng ’me a balla batho moqolo oo. (Jer. 36:8-10) Likhosana tsa Juda li ile tsa utloela ka seo Baruke a se entseng eaba li re a balle moqolo oo holimo moo li ntseng li utloa. (Jer. 36:14, 15) Likhosana tseo li ile tsa etsa qeto ea ho bolella Morena Jojakime hore na Jeremia o itseng. Ha Morena Jojakime a utloa mantsoe ao a Jeremia o ile a halefa hoo a ileng a chesa moqolo oo eaba o fana ka taelo ea hore Jeremia le Baruke ba tšoaroe. Leha ho le joalo, Jeremia o ile a nka moqolo o mong eaba o o fa Baruke ’me a mo phetela hape mantsoe a Jehova. Baruke o ile a ngola mantsoe ’ohle “a neng a le moqolong oa pele, oo Jojakime morena oa Juda a o chesitseng.”—Jer. 36:26-28, 32. w19.11 3-4 ¶4-6
Mantaha, la 21 June
Molimo ke eena . . . [ea] sebetsang ho lona e le hore le rate le be le sebetse.—Bafil. 2:13.
Jehova e ka ba eng kapa eng eo a batlang ho ba eona e le hore a phethahatse morero oa hae. Ka mohlala, ha re bua ka lintho tse seng kae feela, Jehova e ile ea e-ba Mosuoe, Motšelisi le Moevangeli. (Esa. 48:17; 2 Bakor. 7:6; Bagal. 3:8) Ho ntse ho le joalo, hangata o sebelisa batho hore ba phethe merero ea hae. (Mat. 24:14; 28:19, 20; 2 Bakor. 1:3, 4) Jehova a ka boetse a re fa bohlale le matla ao re a hlokang e le hore re etse eng kapa eng eo a e batlang ho phetha thato ea hae. Tsena ke tse ling tsa lintho tse hlalosang hore na lebitso la Jehova le bolela’ng ’me le litsebi tse ling tsa Bibele li cho joalo. Kaofela ha rona re batla hore Jehova a re sebelise e le hore a phethe merero ea hae empa ba bang ba ka ’na ba ikutloa eka Jehova ha a ba sebelise. Hobane’ng? Hobane ba utloa eka ba ke ke ba khona ho sebeletsa Jehova kamoo ba neng ba batla kateng ka lebaka la lilemo, maemo a bophelo kapa bokhoni ba bona. Ka lehlakoreng le leng, ba bang bona ba khotsofaletse mosebetsi oo ba o etsetsang Jehova ’me ha ba bone ho hlokahala hore ba etse ho fetang hoo. w19.10 20 ¶1-2