Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Lipuo tse ncha: Shilluk, Tsimihety
  • Kajeno

Labone, la 24 June

Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, . . . nako ea ho batla le nako ea ho tela se lahlehileng.​—Moek. 3:​1, 6.

Ha u etsa liqeto, tseba hore na u batla ho etsa’ng. Ha u tseba hantle ho re na ke lintho life tseo u batlang ho li etsa, u tla nolofalloa ke hore u li phethe. Ka mohlala, e ka ’na eaba u entse qeto ea ho bala Bibele hangata kamoo u ka khonang. Haeba u se na nako eo u ipehetseng eona ea ho bala Bibele, u ka ’na oa se ke oa atleha. Kapa baholo ba ka ’na ba etsa qeto ea ho etsa maeto a bolisa khafetsa empa ebe ka mor’a nako ho ntse ho e-s’o be le phetoho. E le hore ba atlehe, ba ka ipotsa lipotso tse kang: “Na ho na le bara le barali babo rona ba ka ruang molemo maetong a bolisa? Na re beheletse nako ea ho ba etela ka thoko?” Leka-lekanyetsa lintho. Ha re na nako, lintho kapa matla a ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re batlang ho e etsa. Kahoo, u lokela ho leka-lekanya lintho. Haeba ho khoneha, u ka ’na oa fetola qeto eo u e entseng haeba u bona hore u ke ke oa khona ho e phetha. w19.11 29 ¶11-12

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Labohlano, la 25 June

Bana ke ba tsoang matšoenyehong a maholo, ’me ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me ba li soeufalitse maling a Konyana.​—Tšen. 7:14.

Boprofeta bo hlalosang hore na ho tla ba joang lefatšeng nakong e tlang bo hlaha ho Esaia 65:​21-23. Ka nako eo, re ke ke ra ba batho ba lutseng feela ba sa etse letho. Ho e-na le hoo, Bibele e bontša hore re tla etsa mesebetsi e khotsofatsang. Qetellong ea Lilemo Tse Sekete, re ka kholiseha hore “popo le eona e tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me e be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” (Bar. 8:​21) Joalokaha Jehova a ile a etsa bonnete ba hore Baiseraele ba ba le nako ea ho sebetsa le ho phomola, o tla etsa ntho e tšoanang ho batho ba hae nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete. Ho hlakile hore ho tla ba le nako ea hore batho ba sebeletse Jehova. Ho sebeletsa Jehova ke ntho ea bohlokoa haholo e le hore re thabe mehleng ena ’me le lefatšeng le lecha re tla ba le nako eo. Kannete kaofela ha rona re tla thaba nakong ea Lilemo Tse Sekete hobane re tla be re e-na le mesebetsi e khotsofatsang hape re tla be re sebeletsa Jehova. w19.12 12 ¶15; 13 ¶17-18

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Moqebelo, la 26 June

Mantsoe ana. . . a be pelong ea hao; u a rute mora oa hao ka ho pheta-pheta.​—Deut. 6:​6, 7.

“Ho pheta-pheta” ho akareletsa ho “ruta le ho hopotsa ka makhetlo-khetlo.” E le hore batsoali ba tle ba atlehe ho etsa joalo, ba lokela ho qeta nako e ngata le bana ba bona. Ka linako tse ling, batsoali ba ka ’na ba nyahama hobane ba lokela ho pheta-pheta litaelo tse tšoanang ho bana ba bona. Empa batsoali ba lokela ho nka taba ena e le monyetla oa ho ruta bana ba bona hore ba utloisise Lentsoe la Molimo le hore ba le phethe. Kahoo, tseba bana ba hao hantle. Pesaleme ea 127 e tšoantša bana le metsu. (Pes. 127:4) Joalokaha metsu e etsoa ka lintho tse sa tšoaneng e bile e fapana ka boholo, le bana ha ba tšoane. Kahoo, batsoali ba lokela ho tseba hore na ba koetlisa ngoana ka mong joang. Banyalani ba lulang naheng ea Iseraele ba ileng ba atleha ho holisa bana ba bona ba babeli hore ba sebeletse Jehova, baa re bolella hore na ba ile ba thusoa ke’ng. Ba re: “Re ne re ruta ngoana a le mong Bibele ka nako.” Ke ’nete hore hlooho ea lelapa ke eona e lokelang ho etsa qeto ea hore na ho ithuta le bana ka tsela ena ho molemo le hore na hoa khoneha. w19.12 26-27 ¶18-20

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela