Laboraro, la 23 June
Joale timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang.—1 Bathes. 5:3.
Mohoo oa “khotso le tšireletseho” o tla etsahala pele ho “letsatsi la Jehova.” (1 Bathes. 5:1-6) Ho 1 Bathesalonika 5:2, “letsatsi la Jehova” le emela ‘matšoenyeho a maholo.’ (Tšen. 7:14) Re tl’o tseba joang ha matšoenyeho ao a le haufi le ho qala? Bibele e re ho tla ba le molaetsa o sa tloaelehang o tla phatlalatsoa. Molaetsa oo e tla ba letšoao la hore matšoenyeho a maholo a haufi le ho qala. E tla ba molaetsa oa ho phatlalatsa “khotso le tšireletseho” oo ho ileng ha buuoa ka oona esale pele. Na baeta-pele ba bolumeli le bona ba tla kenya letsoho? Mohlomong. Leha ho le joalo, molaetsa oo e tla be e le leshano le susumetsoang ke bademona. Leshano leo le tl’o ba kotsi hobane le tl’o fa batho maikutlo a fosahetseng a hore ba sireletsehile pele ba oeloa ke koluoa ea matšoenyeho ao batho ba e-s’o a bone haesale lefatše le thehoa. Kannete “timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang feela joaloka bohloko ba mahlomola ho mosali oa moimana.” Joale, ho tla etsahala’ng ka bahlanka ba tšepahalang ba Jehova? Ba ka ’na ba tšoha ha letsatsi la Jehova le qala empa ba tla be ba le lebeletse. w19.09 9 ¶7-8
Labone, la 24 June
Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, . . . nako ea ho batla le nako ea ho tela se lahlehileng.—Moek. 3:1, 6.
Ha u etsa liqeto, tseba hore na u batla ho etsa’ng. Ha u tseba hantle ho re na ke lintho life tseo u batlang ho li etsa, u tla nolofalloa ke hore u li phethe. Ka mohlala, e ka ’na eaba u entse qeto ea ho bala Bibele hangata kamoo u ka khonang. Haeba u se na nako eo u ipehetseng eona ea ho bala Bibele, u ka ’na oa se ke oa atleha. Kapa baholo ba ka ’na ba etsa qeto ea ho etsa maeto a bolisa khafetsa empa ebe ka mor’a nako ho ntse ho e-s’o be le phetoho. E le hore ba atlehe, ba ka ipotsa lipotso tse kang: “Na ho na le bara le barali babo rona ba ka ruang molemo maetong a bolisa? Na re beheletse nako ea ho ba etela ka thoko?” Leka-lekanyetsa lintho. Ha re na nako, lintho kapa matla a ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re batlang ho e etsa. Kahoo, u lokela ho leka-lekanya lintho. Haeba ho khoneha, u ka ’na oa fetola qeto eo u e entseng haeba u bona hore u ke ke oa khona ho e phetha. w19.11 29 ¶11-12
Labohlano, la 25 June
Bana ke ba tsoang matšoenyehong a maholo, ’me ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me ba li soeufalitse maling a Konyana.—Tšen. 7:14.
Boprofeta bo hlalosang hore na ho tla ba joang lefatšeng nakong e tlang bo hlaha ho Esaia 65:21-23. Ka nako eo, re ke ke ra ba batho ba lutseng feela ba sa etse letho. Ho e-na le hoo, Bibele e bontša hore re tla etsa mesebetsi e khotsofatsang. Qetellong ea Lilemo Tse Sekete, re ka kholiseha hore “popo le eona e tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me e be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” (Bar. 8:21) Joalokaha Jehova a ile a etsa bonnete ba hore Baiseraele ba ba le nako ea ho sebetsa le ho phomola, o tla etsa ntho e tšoanang ho batho ba hae nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete. Ho hlakile hore ho tla ba le nako ea hore batho ba sebeletse Jehova. Ho sebeletsa Jehova ke ntho ea bohlokoa haholo e le hore re thabe mehleng ena ’me le lefatšeng le lecha re tla ba le nako eo. Kannete kaofela ha rona re tla thaba nakong ea Lilemo Tse Sekete hobane re tla be re e-na le mesebetsi e khotsofatsang hape re tla be re sebeletsa Jehova. w19.12 12 ¶15; 13 ¶17-18