Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Mantaha, la 28 June

Mang kapa mang ea jang bohobe bona kapa ea noang senoelo sa Morena ka ho sa tšoaneleheng o tla ba molato.​—1 Bakor. 11:27.

Motlotsuoa a ka ja litšoantšetso ka ho sa “tšoaneleheng” joang? A ka etsa joalo haeba a ja litšoantšetso empa a sa mamele melao ea Jehova. (Baheb. 6:​4-6; 10:​26-29) Batlotsuoa baa tseba hore ba tlameha ho lula ba tšepahala e le hore ba fumane “moputso oa pitso ea holimo ea Molimo ka Kreste Jesu.” (Bafil. 3:​13-16) Moea o halalelang o thusa bahlanka ba Jehova hore ba ikokobetse e seng hore ba ikhohomose. (Baef. 4:​1-3; Bakol. 3:​10, 12) Kahoo, batlotsuoa ha ba inke ba phahametse batho ba bang. Baa tseba hore Jehova ha a ba fe moea o halalelang ho feta bahlanka ba bang ba hae. Ha ba nke hore ba utloisisa Bibele ho feta batho ba bang kaofela. Hape ba ke ke ba bolella motho e mong hore le eena o tlotsitsoe ’me o lokela ho ja litšoantšetso. Ho e-na le hoo, ka boikokobetso ba lumela hore ke Jehova feela ea ka memelang batho ho ea phela leholimong. w20.01 27-28 ¶4-5

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Labobeli, la 29 June

Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lona.​—Jak. 4:8.

Jehova o batla hore re atamele haufi le eena le hore re buisane le eena. O re khothaletsa hore re ‘phehelle thapelong’ hape oa re mamela kamehla ha re bua le eena. (Rom. 12:​12) Ha ho le ka mohla a khathalang kapa a phathahanang hoo a ke keng a re mamela. Rona re mo mamela ka hore re bale Lentsoe la hae e leng Bibele le ka ho bala lingoliloeng tse re thusang ho le utloisisa. Re boetse re mo mamela ka hore re mamele ka hloko ha re le libokeng. Ha re buisana le Jehova kamehla ho ba bonolo hore re atamele haufi le eena. Jehova o batla hore ha re mo rapela, re mo bolelle hore na re ikutloa joang le hore na re nahana’ng. (Pes. 62:8) Re lokela ho ipotsa potso ena: ‘Na ha ke etsa thapelo ho tšoana leha eka ke bua ntho e ngotsoeng fatše kapa ho tšoana le ha ke ngolla motsoalle oa ka lengolo ke mo hlalosetsa hore na ke ikutloa joang?’ Re kholisehile hore u rata Jehova haholo le hore hape u batla hore e be motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo. E le hore u atlehe ho etsa joalo, u lokela ho buisana le eena letsatsi le letsatsi. Mo bolelle makunutu a hao. Mo bolelle lintho tse u thabisang le tse u utloisang bohloko. U se ke oa tšaba ho kopa thuso ho eena. w20.02 9 ¶4-5

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Laboraro, la 30 June

Lisang mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea lona.​—1 Pet. 5:2.

Jehova o file baholo boikarabelo ba hore ba hlokomele bahlanka ba hae. Baholo ba ka ithuta lintho tse ngata ka ho sheba tsela eo Nehemia a neng a tšoara batho ba Molimo ka eona. Joalokaha e ne e le ’musisi oa Juda, Nehemia o ne a e-na le boikarabelo bo bongata. (Neh. 1:​11; 2:​7, 8; 5:​14) Nahana ka tse ling tsa liqholotso tseo a ileng a kopana le tsona. O ile a fumana hore Bajuda ba silafatsa tempele ea Molimo le hore ba ne ba sa ntše monehelo bakeng sa Balevi joalokaha Molao o ne o re ba etse. Bajuda ba ne ba sa boloke molao oa Sabatha ebile ba nyala basali ba balichaba ba neng ba sa rapele Jehova. ’Musisi Nehemia o ile a tlameha ho sebetsana le bothata bona. (Neh. 13:​4-30) Nehemia ha a ka a lumella hore matla a mo mathele hloohong ka hore a qobelle batho hore ba latele maikutlo a hae. Empa o ile a rapella tataiso ea Jehova ka tieo eaba o ruta batho molao oa Jehova. (Neh. 1:​4-10; 13:​1-3) Nehemia o ile a bontša hore o ikokobelitse a ba a sebetsa le bona ho haha marako a Jerusalema.​—Neh. 4:​15 w19.09 16 ¶9-10

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela