Labobeli, la 29 June
Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lona.—Jak. 4:8.
Jehova o batla hore re atamele haufi le eena le hore re buisane le eena. O re khothaletsa hore re ‘phehelle thapelong’ hape oa re mamela kamehla ha re bua le eena. (Rom. 12:12) Ha ho le ka mohla a khathalang kapa a phathahanang hoo a ke keng a re mamela. Rona re mo mamela ka hore re bale Lentsoe la hae e leng Bibele le ka ho bala lingoliloeng tse re thusang ho le utloisisa. Re boetse re mo mamela ka hore re mamele ka hloko ha re le libokeng. Ha re buisana le Jehova kamehla ho ba bonolo hore re atamele haufi le eena. Jehova o batla hore ha re mo rapela, re mo bolelle hore na re ikutloa joang le hore na re nahana’ng. (Pes. 62:8) Re lokela ho ipotsa potso ena: ‘Na ha ke etsa thapelo ho tšoana leha eka ke bua ntho e ngotsoeng fatše kapa ho tšoana le ha ke ngolla motsoalle oa ka lengolo ke mo hlalosetsa hore na ke ikutloa joang?’ Re kholisehile hore u rata Jehova haholo le hore hape u batla hore e be motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo. E le hore u atlehe ho etsa joalo, u lokela ho buisana le eena letsatsi le letsatsi. Mo bolelle makunutu a hao. Mo bolelle lintho tse u thabisang le tse u utloisang bohloko. U se ke oa tšaba ho kopa thuso ho eena. w20.02 9 ¶4-5
Laboraro, la 30 June
Lisang mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea lona.—1 Pet. 5:2.
Jehova o file baholo boikarabelo ba hore ba hlokomele bahlanka ba hae. Baholo ba ka ithuta lintho tse ngata ka ho sheba tsela eo Nehemia a neng a tšoara batho ba Molimo ka eona. Joalokaha e ne e le ’musisi oa Juda, Nehemia o ne a e-na le boikarabelo bo bongata. (Neh. 1:11; 2:7, 8; 5:14) Nahana ka tse ling tsa liqholotso tseo a ileng a kopana le tsona. O ile a fumana hore Bajuda ba silafatsa tempele ea Molimo le hore ba ne ba sa ntše monehelo bakeng sa Balevi joalokaha Molao o ne o re ba etse. Bajuda ba ne ba sa boloke molao oa Sabatha ebile ba nyala basali ba balichaba ba neng ba sa rapele Jehova. ’Musisi Nehemia o ile a tlameha ho sebetsana le bothata bona. (Neh. 13:4-30) Nehemia ha a ka a lumella hore matla a mo mathele hloohong ka hore a qobelle batho hore ba latele maikutlo a hae. Empa o ile a rapella tataiso ea Jehova ka tieo eaba o ruta batho molao oa Jehova. (Neh. 1:4-10; 13:1-3) Nehemia o ile a bontša hore o ikokobelitse a ba a sebetsa le bona ho haha marako a Jerusalema.—Neh. 4:15 w19.09 16 ¶9-10
Labone, la 1 July
Likopo tsa lona tse matla li ke li tsebisoe Molimo.—Bafil. 4:6.
Ha batho ba bang ba re buela mantsoe a hlabang kapa a re utloisang bohloko, re ka ’na ra sithabela. Taba eo ke ’nete haholo haeba motho ea re utloisitseng bohloko e le motsoalle kapa mong ka rona ea haufi. Ha re sebetsana le mathata,re ka ithuta mohlaleng oa Anna ea neng a utloisoa bohloko ke mohalitsong oa hae. (1 Sam. 1:12) Le rona re ka qeta nako e ngata eo re e batlang re bua le Ntate oa rona ka matšoenyeho a rona le lintho tse re tšosang. Lithapelo tsa rona ha lia lokela hore ebe lithothokiso kapa re batle hore ebe tse phethahetseng. Ka linako tse ling, re ka ba ra lla ha re bolella Jehova lintho tse re tšoenyang. Ho ntse ho le joalo, Jehova a ke ke a ikutloa a khathetse ke ho re mamela. Ho phaella tabeng ea ho rapela ka mathata a rona, re boetse re lokela ho hopola keletso e hlahang ho Bafilipi 4:6, 7. Ka ho khetheha, moapostola Pauluse o re bolella hore re lebohe Jehova lithapelong tsa rona. Re na le mabaka a mangata a ho leboha Jehova. Re ka mo leboha ka bophelo boo a re fileng bona, mesebetsi ea hae e hlollang, lerato la hae le tšepo e babatsehang eo a re fileng eona. w20.02 21 ¶3; 22 ¶6