Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Lipuo tse ncha: Shilluk, Tsimihety
  • Kajeno

Labobeli, la 8 June

[Emang] le tiile khahlanong le maqiti a Diabolose.​—Baef. 6:11.

Satane o ile a thetsa Baiseraele ka hore ba lokela ho etsisa litloaelo tsa lichaba tse ling e le hore ba atlehe. Lichaba tseo tse ba potolohileng li ne li lumela hore li lokela ho etsa meetlo e itseng e le hore melimo ea tsona e ka nesa pula. Baiseraele ba neng ba sa tšepe Jehova ka ho feletseng ba ne ba lumela hore tsela feela ea hore ba qobe komello ea nako e telele, ke ka hore ba etse meetlo eo ea Baale. Satane o ile a boela a lemoha tšekamelo ea bona ea boitšoaro bo bobe ’me a ba leka ka eona. Batho ba lichaba tseo ba ne ba rapela melimo ea bona ka ho etsa boitšoaro bo bobe. Boitšoaro boo bo bobe bo ne bo akareletsa botekatse ba banna le ba basali. Ba ne ba boetse ba lumella bosodoma le mekhoa e meng e litšila ea thobalano! (Deut. 23:​17, 18; 1 Mar. 14:​24) Ba ne ba lumela hore meetlo eo e susumetsa melimo ea bona hore e matlafatse mobu bakeng sa lijalo. Baiseraele ba bangata ba ile ba rata meetlo ena e litšila ea balichaba, eaba ba khetha ho rapela melimo eo. w19.06 2 ¶3; 4 ¶7-8

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Laboraro, la 9 June

Molimo ha se ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lona le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.​—Baheb. 6:10.

Bara le barali babo rona ba likete ba neng ba le Bethele le libakeng tse ling, ba ile ba fumana likabelo tse ncha. Bara le barali babo rona bana ba ka ’na ba utloa bohloko haholo ha ba lokela ho tloha likabelong tseo ba neng ba li rata. Haeba u e mong oa bona, u ka thusoa ke’ng hore u amohele liphetoho tsee? U lokela ho bala Bibele letsatsi le letsatsi hape u nahane ka botebo ka seo u se balileng, ho etsa joalo ho tla u thusa hore u lule u rata Jehova. Hape, ikakhele ka setotsoana mosebetsing oa boboleli phuthehong eo u seng u le ho eona. Jehova o lula a hopola batho bohle ba mo sebelelitseng ka botšepehi, esita le ha ba se ba se na matla joaloka pele. U se ke oa rarahanya bophelo ba hao. U se ke oa lumella mathata a lefatše lena la Satane hore a ‘bipetse’ tšebeletso eo u e etsetsang Jehova. (Mat. 13:​22) U se ke oa mamela batho ba sa sebeletseng Jehova kapa metsoalle le beng ka uena ba lekang ho u thusa ka hore ba u khothalletse ho batla mosebetsi o lefang chelete e ngata, e le hore u phele hamonate. (1 Joh 2:​15-17) Tšepa Jehova, kaha o tšepisa hore o tla re thusa ho lula re e-na le tumelo e matla, re khobile matšoafo, re bile re e-na le lintho tseo re li hlokang bophelong, “ka nako [ea hae] e nepahetseng.”​—Baheb. 4:​16; 13:​5, 6. w19.08 20 ¶4; 21-22 ¶7-8

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Labone, la 10 June

Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa.​—Pes. 55:22.

Na u na le mathata a u tšoenyang? Hoa khothatsa ho tseba hore Jehova oa utloisisa hore na le rona re ikutloa joang. O tseba moo matla a rona a fellang teng le hore na re ikutloa joang. (Pes. 103:​14; 139:​3, 4) Ha re itšetleha ka Jehova, re tla fumana thuso e le hore re hlole mathata a re tšoenyang. Ho tšoenyeha ho ka etsa hore u nke hore mathata a hao a ke ke a ea moriting, ebe oa nyahama. Haeba seo se etsahala, u hopole hore Jehova ke eena ea ka u thusang. A ka u thusa joang? O u khothaletsa hore u mo bolelle lintho tse u tšoenyang le hore na u ikutloa joang. Hape, o tla u araba ha u kopa thuso. (Pes. 5:3; 1 Pet. 5:7) Kahoo, bolella Jehova mathata a hao kamehla. A ke ke a u araba ka ho toba, empa o tla bua le uena a sebelisa Lentsoe la hae Bibele le mokhatlo oa hae. Litlaleho tseo u li balang ka Bibeleng li ka u khothatsa tsa ba tsa etsa hore u be le tšepo. Ntle ho moo, bara le barali beno le bona ba ka u khothatsa.​—Bar. 15:4; Baheb. 10:​24, 25. w19.06 16 ¶7-8

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela