Laboraro, la 9 June
Molimo ha se ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lona le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.—Baheb. 6:10.
Bara le barali babo rona ba likete ba neng ba le Bethele le libakeng tse ling, ba ile ba fumana likabelo tse ncha. Bara le barali babo rona bana ba ka ’na ba utloa bohloko haholo ha ba lokela ho tloha likabelong tseo ba neng ba li rata. Haeba u e mong oa bona, u ka thusoa ke’ng hore u amohele liphetoho tsee? U lokela ho bala Bibele letsatsi le letsatsi hape u nahane ka botebo ka seo u se balileng, ho etsa joalo ho tla u thusa hore u lule u rata Jehova. Hape, ikakhele ka setotsoana mosebetsing oa boboleli phuthehong eo u seng u le ho eona. Jehova o lula a hopola batho bohle ba mo sebelelitseng ka botšepehi, esita le ha ba se ba se na matla joaloka pele. U se ke oa rarahanya bophelo ba hao. U se ke oa lumella mathata a lefatše lena la Satane hore a ‘bipetse’ tšebeletso eo u e etsetsang Jehova. (Mat. 13:22) U se ke oa mamela batho ba sa sebeletseng Jehova kapa metsoalle le beng ka uena ba lekang ho u thusa ka hore ba u khothalletse ho batla mosebetsi o lefang chelete e ngata, e le hore u phele hamonate. (1 Joh 2:15-17) Tšepa Jehova, kaha o tšepisa hore o tla re thusa ho lula re e-na le tumelo e matla, re khobile matšoafo, re bile re e-na le lintho tseo re li hlokang bophelong, “ka nako [ea hae] e nepahetseng.”—Baheb. 4:16; 13:5, 6. w19.08 20 ¶4; 21-22 ¶7-8
Labone, la 10 June
Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa.—Pes. 55:22.
Na u na le mathata a u tšoenyang? Hoa khothatsa ho tseba hore Jehova oa utloisisa hore na le rona re ikutloa joang. O tseba moo matla a rona a fellang teng le hore na re ikutloa joang. (Pes. 103:14; 139:3, 4) Ha re itšetleha ka Jehova, re tla fumana thuso e le hore re hlole mathata a re tšoenyang. Ho tšoenyeha ho ka etsa hore u nke hore mathata a hao a ke ke a ea moriting, ebe oa nyahama. Haeba seo se etsahala, u hopole hore Jehova ke eena ea ka u thusang. A ka u thusa joang? O u khothaletsa hore u mo bolelle lintho tse u tšoenyang le hore na u ikutloa joang. Hape, o tla u araba ha u kopa thuso. (Pes. 5:3; 1 Pet. 5:7) Kahoo, bolella Jehova mathata a hao kamehla. A ke ke a u araba ka ho toba, empa o tla bua le uena a sebelisa Lentsoe la hae Bibele le mokhatlo oa hae. Litlaleho tseo u li balang ka Bibeleng li ka u khothatsa tsa ba tsa etsa hore u be le tšepo. Ntle ho moo, bara le barali beno le bona ba ka u khothatsa.—Bar. 15:4; Baheb. 10:24, 25. w19.06 16 ¶7-8
Labohlano, la 11 June
Le tla hlouoa ke lichaba tsohle ka lebaka la lebitso la ka.—Mat. 24:9.
Ha u hlorisoa, bua le Jehova, u ‘tšollele pelo ea hao joaloka metsi’ ho eena ’me u mo bolelle lintho tsohle tse u tšosang le tse etsang hore u tšoenyehe. (Lillo 2:19) Ha u lula u rapela Jehova, kamano ea hao le eena e tla matlafala. (Bar. 8:38, 39) Kholiseha hore litšepiso tsohle tsa ’Muso oa Molimo li tla phethahala. (Num. 23:19) Haeba ha oa kholiseha hantle hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae, ho tla ba bonolo hore Satane le mahlahana a hae ba u tšose. (Liprov. 24:10; Baheb. 2:15) Iphe nako ea ho etsa lipatlisiso ka litšepiso tsohle tseo Molimo a re tšepisang tsona ka ’Muso oa hae, u be u ikholise hore li tla fela li phethahale. Ho etsa joalo ho tla u thusa joang? Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Stanley Jones ea ileng a koalloa teronkong lilemo tse supileng ka lebaka la ho ba Paki. O ile a thusoa ke’ng hore a mamelle? O re: “Tumelo ea ka e ne e le matla hobane ke ne ke tseba ka ’Muso oa Molimo le ka lintho tseo o tl’o re etsetsa tsona ’me ha ho mohla ke ileng ka belaella lintho tseo. Ka lebaka leo, ha ho motho ea ileng a khona ho etsa hore ke se ke ka sebeletsa Jehova.” Haeba u kholisehile hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae, u ke ke oa tšaba ho mo sebeletsa.—Liprov. 3:25, 26. w19.07 2 ¶1; 3 ¶6-7