Labone, la 4 December
Jehova ke eena ea hlahlobang lipelo.—Liprov. 17:3.
Lebaka le ka sehloohong leo ka lona re lokelang ho sireletsa lipelo tsa rona ke hobane Jehova o hlahloba lipelo. Taba ena e bolela hore o tseba lintho tseo batho ba bang ba sa li tsebeng ka rona ebile o tseba hantle hore na re batho ba mofuta ofe. O tla re rata haeba re lula re nahana ka likeletso tsa hae tse tla re thusa ho phela ka ho sa feleng. (Joh. 4:14) Re ke ke ra lematsoa ke mekhoa e mebe le mashano a Satane le batho ba khopo. (1 Joh. 5:18, 19) Ha setsoalle sa rona le Jehova se ntse se hola, re tla mo rata re be re mo hlomphe le ho feta. Haeba re sa batle ho utloisa Ntate oa rona bohloko, re ke ke ra batla le ho nahana ka ho etsa sebe. Morali oa bo rona Marta ea lulang Croatia ea ileng a lekeha ho etsa boitšoaro bo bobe o re: “Ke ne ke thatafalloa ke ho nahana lintho hantle le ho hlola takatso ea ho etsa sebe seo. Empa ho hlompha Jehova ho ile ha ntšireletsa.” Ho hlompha Molimo ho ile ha mo sireletsa joang? Morali oa bo rona Marta o re o ile a nahanisisa ka hore na liphello e ne e tla ba life ha a ne a ka etsa qeto e fosahetseng. Le rona re ka mo etsisa. w23.06 20-21 ¶3-4
Labohlano, la 5 December
Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re, . . . Lichaba li tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke halaletsoa har’a lona li ntse li shebile.—Ezek. 36:23.
Jesu o ne a tseba hore morero oa Jehova ke ho halaletsa lebitso la hae, e leng ho shanofatsa lintho tsohle tse buuoeng ka eena tseo e seng ’nete. Ke ka lebaka leo Mong’a rona a ileng a ruta balateli ba hae hore ha ba rapela ba re: “Ntate oa rona ea maholimong, lebitso la hao le halaletsoe.” (Mat. 6:9) Jesu o ne a tseba hore ho halaletsoa ha lebitso la Molimo ke taba ea bohlokoa ka ho fetisisa e amang popo eohle. Ha ho na mang kapa mang ea kileng a halaletsa lebitso la Jehova ho feta Jesu. Empa ha Jesu a ne a tšoeroe, lira tsa hae li ile tsa mo qosa ka hore o hlompholotse lebitso la Molimo. E tlameha ebe Jesu o ne a utloa ho senya lebitso le halalelang la Ntate oa hae e le sebe se seholo ka ho fetisisa. O ne a tšoenyehile haholo ka hore ebe o ne a tl’o qosoa ka sebe sena a be a fumanoe a le molato. E ka ’na eaba leo e ne e le lona lebaka le ka sehloohong le ileng la etsa hore ebe Jesu o ile a “sareloa habohloko” lihora pele a tšoaroa.—Luka 22:41-44. w24.02 11 ¶11
Moqebelo, la 6 December
Ntlo e hahoa ka bohlale.—Liprov. 24:3.
Ha re ntse re matha peisong ea bophelo, re lokela ho rata Jehova le Jesu ho feta ba malapa a rona. (Mat. 10:37) Empa sena ha se bolele hore ha rea lokela ho hlokomela ba malapa a rona hobane e le hore re amoheloe ke Molimo le Kreste, re tlameha ho phetha boikarabelo ba rona ka lapeng. (1 Tim. 5:4, 8) Ha re etsa joalo re tla thaba. Jehova oa tseba hore lelapa le tla thaba haeba monna le mosali ba ratana ebile ba hlomphana, ha batsoali ba rata bana ba bona ebile ba ba ruta le ha bana ba mamela batsoali ba bona. (Baef. 5:33; 6:1, 4) Sebelisa keletso eo Bibele e fanang ka eona ho sa tsotellehe boikarabelo boo u nang le bona ka lapeng. U se ke oa etsa lintho ho latela maikutlo a hao, ho latela seo litsebi li se buang kapa ho ea ka tloaelo ea sebaka seo u lulang ho sona. Bala lingoloa tsa rona tse thehiloeng Bibeleng. Lingoloa tsena li na le likeletso tse tsoang ka Bibeleng tse ka u thusang. w23.08 28 ¶6-7